Ba pele ba ileng ba kgutla ho ya aha naheng ya bona le metseng ya bona e bile Baiseraele, le baprista, le Balevi, le bahlanka ba sebeletsang ka Tempeleng.
Nehemia 3:26 - BIBELE Basebeletsi ba Tempele, ba neng ba phela Ofele, ba tsosa lerako ka nqa botjhabela, moo le tobaneng le Monyako wa Metsi, le tora e entseng motsu. Sesotho 1909/1961 (SO) Kapele ho eo, ha haha Pedaia, mora Pareoshe. Le bona Banethinime ba haha moo ba dutseng teng, leralleng, ho ya fihla maloka le monyako wa Metsi nqa botjhabatsatsi, e maloka le tora e hlahelang kantle. |
Ba pele ba ileng ba kgutla ho ya aha naheng ya bona le metseng ya bona e bile Baiseraele, le baprista, le Balevi, le bahlanka ba sebeletsang ka Tempeleng.
Jotame a haha Monyako o Kahodimo wa Tempele ya Morena; le lerako la Ofele a le sebetsa haholo.
Kamora tsena Manase a haha lerako le potapotang Motse wa Davida kantle, a le haha ka kgohlong, ka bophirimela ho Gihone, la ya fihla Kgorong ya Ditlhapi, la teela Ofele hare, la phahama haholo. Metseng yohle e haheleditsweng ya naha ya Juda a bea balaodi ba mabotho.
Setjhaba sohle, le baprista, le Balevi, le balebedi ba menyako, le dibini, le basebeletsi ba Tempele, bohle bao ka baka la Molao wa Modimo ba ileng ba ikgetholla ho baahi ba dinaha tseo, le basadi ba bona, le bara ba bona, le baradi ba bona, e leng bohle ba nang le kutlwisiso,
Ha ba fihla Monyako wa Sediba, o neng o le malebana le bona, ba nyoloha ka mehato ya motse wa Davida, moepeng o nyolohelang lerakong, kahodimo ho ntlo ya Davida, ho ya fihla Monyakong wa Metsi.
Banna ba Tekowa ba latela basebeletsi ba Tempele, le bona ba tsosa karolo e nngwe ya lerako, e tobaneng le tora e kgolo, e entseng motsu, ba ya fihla lerakong la Ofele.
Setjhaba sohle sa kgobokana lebaleng le pela Monyako wa Metsi, se le kgopolo e le nngwe. Sa re ho Esera, eo e neng e le Setsebi sa Molao, a tlise Buka ya Molao wa Moshe, oo Morena a neng a o beele bana ba Iseraele.
Yaba setjhaba se a ya, se tla le makala ao. Sa iketsetsa maphephe; batho ba iketsetsa maphephe kahodima marulelo a matlo a bona, le ka mabaleng a bona, le ka mabaleng a Tempele ya Modimo, le lebaleng la Monyako wa Metsi, le lebaleng la Monyako wa Efraime.
A o balla banna, le basadi, le batho ba nang le kutlwisiso; a o bala ho tloha hoseng ho fihlela motsheare o moholo, a le lebaleng le pela Monyako wa Metsi. Setjhaba sohle sa mamela ka hloko tse balwang Bukeng ya Molao.
Ntlo ya kgosi e tla sala e le feela, mmidimidi o hara motse o fele; qhobosheane le tora e tla ba dithako kamehla, tonki di thalle teng, le mehlape e fule teng,