Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 12:37 - BIBELE

37 Ha ba fihla Monyako wa Sediba, o neng o le malebana le bona, ba nyoloha ka mehato ya motse wa Davida, moepeng o nyolohelang lerakong, kahodimo ho ntlo ya Davida, ho ya fihla Monyakong wa Metsi.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

37 Eitse ha ba fihla monyakong wa Sediba, maloka le moo ba leng teng, ba ehlwa ka methati ya motse wa Davida ka moepa wa lerako le okametseng ntlo ya Davida, ho ya fihla monyakong wa Metsi, nqa botjhabatsatsi.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 12:37
7 Referencias Cruzadas  

Yaba ke fetela Monyakong wa Sediba, le Letshaneng la Kgosi, empa ho ne ho se moo phoofolo eo ke neng ke e palame e neng e ka feta le teng.


Basebeletsi ba Tempele, ba neng ba phela Ofele, ba tsosa lerako ka nqa botjhabela, moo le tobaneng le Monyako wa Metsi, le tora e entseng motsu.


Setjhaba sohle sa kgobokana lebaleng le pela Monyako wa Metsi, se le kgopolo e le nngwe. Sa re ho Esera, eo e neng e le Setsebi sa Molao, a tlise Buka ya Molao wa Moshe, oo Morena a neng a o beele bana ba Iseraele.


Yaba setjhaba se a ya, se tla le makala ao. Sa iketsetsa maphephe; batho ba iketsetsa maphephe kahodima marulelo a matlo a bona, le ka mabaleng a bona, le ka mabaleng a Tempele ya Modimo, le lebaleng la Monyako wa Metsi, le lebaleng la Monyako wa Efraime.


A o balla banna, le basadi, le batho ba nang le kutlwisiso; a o bala ho tloha hoseng ho fihlela motsheare o moholo, a le lebaleng le pela Monyako wa Metsi. Setjhaba sohle sa mamela ka hloko tse balwang Bukeng ya Molao.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos