Nehemia 3:20 - BIBELE Baruke, mora wa Sabai, a latela Esere; a tsosa karolo e nngwe ya lerako ka mafolofolo, ho tloha hukung ya lona, ho ya fihla monyakong wa ntlo ya Moprista e Moholo Eleashibe. Sesotho 1909/1961 (SO) Kapele ho eo, Baruke, mora Sabbai, a lokisa koto se seng ka mafolofolo, ho tloha koung ya lerako ho ya fihla monyakong wa ntlo ya moprista e moholo Eliashibe. |
E mong wa bara ba Joyada, setloholo sa Moprista e Moholo Eleashibe, e ne e le mokgwenyana wa Sanebalate wa Mohore. Yaba ke a mo leleka.
Pele ho moo, moprista Eleashibe e ne e le molebedi wa dikamore tsa Tempele ya Modimo. O ne a amana le Tobiya ka lenyalo.
Bo-Eleashibe, Moprista e Moholo, le bana babo, e leng baprista, ba haha Monyako wa Dinku. Ba o halaletsa, mme ba kenya le mamati a wona. Ba o hlohonolofatsa ho tloha Toreng ya Mea, ho ya fihla Toreng ya Hananele.
Meremote, mora wa Uriya, setloholo sa Kose, a latela Baruke. A tsosa karolo e nngwe ya lerako, ho tloha monyakong wa ntlo ya Eleashibe, ho ya fihla moo ntlo eo e fellang teng.
Tsohle tseo o ka di etsang, o di etse ka matla a hao kaofela, hobane lebitleng, moo o yang teng, ha ho sa na mosebetsi, kapa merero, kapa tsebo, kapa bohlale.
Le se ke la ba botswa, le mpe le be mafolofolo, le sebeletse Morena ka moya o tjhesehang.