Ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene ba bona ba bewa ho okamela mesebetsi ya Tempele ya Morena; ba dikete tse tsheletseng bona ya eba batsamaisi ba ditaba tsa naha ya Iseraele le baahlodi.
Nehemia 3:17 - BIBELE Balevi bana ba latela Nehemia, ba tsosa lerako: Rehume, mora wa Bani, a tsosa lerako; Hashabiya, mmusi wa karolo e nngwe ya Keila, a latela Rehume, le yena a tsosa karolo ya hae ya lerako. Sesotho 1909/1961 (SO) Kapele ho eo, ha lokisa Balevi, e leng Rehume, mora Bani; mabapa le eo, ha lokisa Hashabia, monga sekoto se seng sa setereke sa Keila, a etsetsa ba setereke sa hae. |
Ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene ba bona ba bewa ho okamela mesebetsi ya Tempele ya Morena; ba dikete tse tsheletseng bona ya eba batsamaisi ba ditaba tsa naha ya Iseraele le baahlodi.
Nehemia, mora wa Asabuke, mmusi wa karolo e nngwe ya Bete-Sure, a latela Shalome; a tsosa karolo ya lerako e tobaneng le mabitla a Davida, ho ya fihla letshaneng, le ho ya fihla Tlung ya Bahale.
Bana babo bona ba ba latela. Bafai, mora wa Henadade, mmusi wa karolo e nngwe ya Keila, le yena a tsosa lerako.
Refaya, mora wa Hure, mmusi wa karolo e nngwe ya Jerusalema, a tsosa lerako a bapile le Hananiya.
Jwale Balevi, e leng bo-Jeshua, le Bani, le Kademiele, le Shebaniya, le Buni, le Sherebiya, le Bani, le Kenani, ba ema sethaleng, ba ipiletsa ho Morena Modimo wa bona, ka mantswe a phahameng.