Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 3:16 - BIBELE

16 Nehemia, mora wa Asabuke, mmusi wa karolo e nngwe ya Bete-Sure, a latela Shalome; a tsosa karolo ya lerako e tobaneng le mabitla a Davida, ho ya fihla letshaneng, le ho ya fihla Tlung ya Bahale.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Kapele ho eo, ha lokisa Nehemia, mora Asbuke, monga sekoto se seng sa setereke sa Bethe-Tsure, ho ya fihla mabitleng a Davida, le ho ya fihla letsheng le hahilweng, le ho ya fihla tlung ya bahale.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 3:16
18 Referencias Cruzadas  

Diketso tse ding tsa Hesekiya, le tsa bohlabani ba hae, le kamoo a ileng a etsa letshana, le mosele kateng, a kenya metsi ka motseng, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Juda.


Mora wa Shamai e ne e le Maone, ya ileng a thea Bete-Sure.


le Bete-Sure, le Soko, le Adulame,


A epelwa lebitleng leo a ileng a iketsetsa lona, Motseng wa Davida. Ba bea setopo sa hae hodima moalo o nonoditsweng ka tse monko o monate, le ka dinoko tsa mefutafuta, tse tswakilweng ke ditsebi tsa metswako ya ditlolo. Ba besa tetema ya mollo ho mo tlotla.


Yaba ke fetela Monyakong wa Sediba, le Letshaneng la Kgosi, empa ho ne ho se moo phoofolo eo ke neng ke e palame e neng e ka feta le teng.


Shalome, mora wa Haloheshe, mmusi wa karolo e nngwe ya Jerusalema, a thuswa ke baradi ba hae, ba tsosa lerako ba bapile le bo-Melatiya.


Monyako wa Thotobolo wa tsoswa ke Malakiya, mora wa Rekabe, mmusi wa karolo e nngwe ya Bete-Kereme. A o haha, a kenya mamati a wona, le dinotlolo tsa wona, le mekwallo ya wona.


Balevi bana ba latela Nehemia, ba tsosa lerako: Rehume, mora wa Bani, a tsosa lerako; Hashabiya, mmusi wa karolo e nngwe ya Keila, a latela Rehume, le yena a tsosa karolo ya hae ya lerako.


Refaya, mora wa Hure, mmusi wa karolo e nngwe ya Jerusalema, a tsosa lerako a bapile le Hananiya.


Ka iketsetsa matshana ao ka metsi a wona ke nwesetsang difate tse lemilweng.


Ke Solomone, o nkile malao a hae, o potapotilwe ke bahale ba mashome a tsheletseng, mokgetho wa dikwankwetla tsa naha ya Iseraele.


Pakeng tsa marako a mabedi la haha letamo, la le hahela ho thibela metsi a Letshana la Kgale; empa la se ke la natsa Moetsi wa lona, kapa la tsotella ya le rerileng kgalekgale.


la bona bongata ba kgeo tsa lerako la Motse wa Davida, la thiba metsi a Letshana le Katlase.


Morena a re ho Esaya: “Wena le mora wa hao Sheara-Jashube, tsamayang le yo kgahlanyetsa Akase. Le tla mo fumana qetellong ya mosele wa metsi a letshana le kahodimo, tseleng e yang setsheng sa Mohlatswi wa Masela.


“Banna ba heso, ho a lokela hore ke bue le lona phatlalatsa ka moholoholo wa rona Davida: O ile a shwa, a epelwa, mme lebitla la hae le sa le teng hara rona le kajeno-ya-bokajeno.


E be Halehule, le Bete-Sure, le Gedore,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos