A reteleha, a ba tadima, a ba rohaka ka lebitso la Morena. Dibere tse pedi tse tshehadi, tsa tswa morung, tsa harola ba mashome a mane a metso e mmedi ba bashanyana bao.
Nehemia 13:25 - BIBELE Ka ba kgalemela, ka ba nea thohako, ka ba ka otla ba bang ba bona, ka ba hlotha moriri. Ka re ba hlapanye ka lebitso la Modimo, ba re: “Re ke ke ra nyallana le baditjhaba. Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba ke a ba kgalemela, ka ba rohaka, ka ba ka otla ba bang, ka ba hlotha meriri; mme ka ba hlapantsha ka Modimo, ka re: Se neeng baradi ba lona ho bara ba bona, mme le se nkele bara ba lona baradi ba bona; le lona le se ke la inkela bona! |
A reteleha, a ba tadima, a ba rohaka ka lebitso la Morena. Dibere tse pedi tse tshehadi, tsa tswa morung, tsa harola ba mashome a mane a metso e mmedi ba bashanyana bao.
Yaba Esera o a ema, o etsa hore baprista ba baholo, le Balevi, le Baiseraele bohle, ba hlapanye hore ba tla etsa jwalo, ho latela polelo ya Shekaniya. Ba fela ba hlapanya.
Mang kapa mang ya sa phetheng Molao wa Modimo wa hao, le molao wa kgosi, a fele a ahlolwe; e ka ba ka ho mo ahlolela lefu, kapa ka ho mo falatsa, kapa ka ho mo ja thepa, kapa ka ho mo kenya tjhankaneng.”
Jwale ka omanya babusi, ka re ho bona: “Ke ka lebaka lang le furaletseng Tempele ya Modimo?” Yaba ke a ba bokella, mme ka kgutlisetsa e mong le e mong ditulong tsa hae.
Ka kgalemela mahosana a Juda, ka re ho wona: “Ke bokgopo ba eng boo, boo le bo etsang, mme le hlompholla letsatsi la Sabatha?
Karolo e nngwe ya bana ba bona e ne e bua puo ya Seashedode, kapa puo e nngwe ya ditjhaba tseo, empa ba sitwa ho bua Seheberu.
Le nna ka hlohlora maphutha a seaparo sa ka, ka re: “Ka mokgwa ona, Modimo a ke a hlohlore motho e mong le e mong ya sa phetheng tshepiso ena; a mo hlohlore, a mo ntshe ka tlung ya hae, a mo amohe maruo a hae; a hle a hlohlorwe ka tsela ena, a kgokgothwe!” Setjhaba sohle sa re: “A ho be jwalo!” Sa rorisa Morena. Batho bao ba etsa kamoo ba tshepisitseng kateng.
ya nyedisang ya kgopo, empa a hlompha ba tshabang Morena. Leha a ka senyehelwa, ha a kwenehele kano ya hae.
O se ke wa nyadisa bara ba hao baradi ba bona, esere ba ba kgelosa, mme ba hloka botshepehi ho nna, ba rapela medimo ya bohata ya baahi ba moo.
Ke ile ka hlobola hore bashapi ba ntjhape mokokotlong, marama ka a retelletsa ho ba ntlhothang ditedu; ba ntshomang ba ntshwela ka mathe ha ke a ka ka ba patela fahleho sa ka.
Le se ke la nyallana le tsona. Le se ke la nea bara ba tsona baradi ba lona, kapa la nkela bara ba lona baradi ba tsona.
“Haeba le ka kweneha, la kgomarelana le masalla a ditjhaba tsena a setseng hara lona, la nyallana le wona, la kopakopana le wona,