Monyako ka mong wa kgethelwa balebedi ba wona ka lotho, ho ya ka malapa abo bona, ha kgethwa ba baholo le ba banyenyane.
Nehemia 11:1 - BIBELE Baetapele ba setjhaba ba aha Jerusalema. Setjhaba sona sa etsa lotho, ho kgetha motho a le mong ho ba leshome, hore a yo aha Jerusalema, e leng motse o halalelang; ba robong, ho ba leshome, bona ba ahe metseng e meng. Sesotho 1909/1961 (SO) Dihlooho tsa setjhaba, tsona di ne di se di ahile Jerusalema; haele ba bang ba setjhaba, ha laolwa ka lotho hore hara ba leshome e mong a tle a ahe Jerusalema, motseng o halalelang, ba bang ba robileng mono o le mong ba ahe metseng. |
Monyako ka mong wa kgethelwa balebedi ba wona ka lotho, ho ya ka malapa abo bona, ha kgethwa ba baholo le ba banyenyane.
Bana e ne e le bona dihlooho tsa malapa abo bona, kamoo a ngotsweng kateng bukeng ya leloko. Ba ne ba ahile Jerusalema.
Baiseraele bohle ba balwa ho ya ka meloko ya bona, mme ba ngolwa Bukeng ya Dikgosi tsa Iseraele, le tsa Juda. Ka baka la ditshito tsa bona, ba thopuwa, ba iswa Babilona.
Ba pele ba ileng ba kgutla ho ya aha naheng ya bona le metseng ya bona e bile Baiseraele, le baprista, le Balevi, le bahlanka ba sebeletsang ka Tempeleng.
Ba morabe wa Juda, le ba morabe wa Benjamine, le ba morabe wa Efraime, le ba morabe wa Manase ba ileng ba aha Jerusalema ke bana:
“Re etsa lotho hara baprista, le Balevi, le setjhaba, hore re tle re bone hore na ke bo-mang, ho ya ka malapa abo bona, ba tla tlisa patsi ya nyehelo ka Tempeleng ya Modimo ka dinako tse beilweng ka selemo le selemo, e leng patsi e tla beswa hodima aletare ya Morena Modimo wa rona, jwalokaha ho ngotswe Molaong.
Motseng ona o halalelang, Balevi bohle ba ne ba le makgolo a mabedi le mashome a robedi a metso e mene.
Ka yona nako eo ka re ho setjhaba: “Motho ka mong, le mohlanka wa hae, ba hlole Jerusalema, e le hore ba tle ba re lebele bosiu, mme motsheare ba sebetse.”
Le ipitsa baahi ba motse o halalelang, mme le tshepa Modimo wa Iseraele, Morena wa mabotho ke lona lebitso la hae:
Tsoha! Tsoha! O matlafale wena Sione! Wena Jerusalema, motse o halalelang, apara aparo tsa hao, aparo tse majabajaba, maqai le ba sesila ba ke ke ba hlola ba kena, ba kena ho wena.
ba tswa mabitleng kamora tsoho ya Jesu, ba kena motseng o halalelang, ba bonwa ke ba bangata.
Ba rapela, ba re: “Wena Morena, o tsebang dipelo tsa bohle, ako supe hore na ho ba babedi bana o kgethile ofe,
Ba kgetha ka lotho, la ntsha Matiase, yaba o balellwa le baapostola ba leshome le motso o mong.
Joshua a ba abela yona ka lotho, a le Shilo, kapele ho Morena. Joshua a arolela bana ba Iseraele naha eo, ho ya ka merabe ya bona.