Phula ena ya Sidime e ne e ena le dikoti tse nang le boka, mme eitse ha dikgosi tsa Sodoma le Gomora di baleha, tsa wela dikoting tsena, mme bahlabani ba setseng ba balehela thabeng.
Nehemia 1:2 - BIBELE Hanani, e mong wa bana beso, a fihla a ena le banna ba bang ba tswang Juda. Yaba ke ba botsa taba tse amanang le Bajuda ba ileng ba phonyoha ha ho thopuwa ba bang; ka ba botsa le tsa Jerusalema. Sesotho 1909/1961 (SO) ha fihla Hanani, e mong wa banabeso, ba ena le banna ba bang ba Juda; ka ba botsa taba tsa Bajuda ba phonyohileng, e leng masala a setseng a kgoleho, le tsa Jerusalema; |
Phula ena ya Sidime e ne e ena le dikoti tse nang le boka, mme eitse ha dikgosi tsa Sodoma le Gomora di baleha, tsa wela dikoting tsena, mme bahlabani ba setseng ba balehela thabeng.
A thopa baahi bohle ba Jerusalema, le mahosana wohle, le bahlabani bohle, kaofela e le bathopuwa ba dikete tse leshome. A thopa le ditsebi tsohle tsa mesebetsi ya matsoho, le malala wohle, ha se ke ha sala le ya mong, haese mafutsana a naha eo.
Empa molaodi wa balebedi a siya mafutsana a naha eo hore a leme masimo a morara le masimo a dijo.
Na ebe re sa tla boela re tlola melao ya hao, re nyallana le ditjhaba tsee, tse etsang dintho tse nyonyehang hakaale? Na o ke ke wa re halefela, mme wa qetella o re timeditse, hoo ho ke keng ha eba le mesaletsana kapa ba phonyohang?
Yaba ke bea Hanani, ngwaneso, le Hananiya, mookamedi wa qhobosheane ya kgosi, hore e be baokamedi ba Jerusalema. Hananiya e ne e le monna ya tshepahalang, ya tshabang Modimo ho feta batho ba bangata.
Ha ho le ya mong wa masalla a Juda a ileng a ya Egepeta ho ya jaka teng ya tla phonyoha kapa a phele, hore a tle a kgutlele naheng ya Juda, eo ba labalabelang ho kgutlela ho yona ho ya aha ho yona. Ha ho le ya mong ya tla kgutlela ho yona, haese feela mahlatsipa a ka phonyohang.”
Ba phonyohileng sabole, ba ditjhabeng tseo ba qhalanyeditsweng ho tsona e le bathopuwa, ba tla nkgopola, ba hopole kamoo ke swabisitsweng kateng ke dipelo tsa bona tse hlokang botshepehi, tse ileng tsa mphuralla, mme mahlo a bona a tadima medingwana ya bohata. Ba tla inyonya ka baka la bobe bohle boo ba bo entseng, le ka baka la manyala a bona.
Bohle ba tla phonyoha ba tla balehela dithabeng, ba kuruetse sa maeba a dikgohlo, motho ka mong a llele dibe tsa hae.