O ka metsi a tsapolong, empa o ke ke wa ba feta ka boholo, hobane wa na wa kena kobong tsa mohatsa ka, wa hlompholla phate tsa ka ka ho hlwella ho tsona.
Mikea 7:6 - BIBELE Mora o hlompholla ntatae, moradi o fetohela mmae, ngwetsi e fetohela matsalayo, ba lapa la motho ke bona dira tsa hae. Sesotho 1909/1961 (SO) hobane mora o nyedisa ntatae, moradi o tsohela mmae matla, ngwetsi e lwantsha matsala yona, mme ba ntlo ya motho ke bona bao e leng dira ho yena. |
O ka metsi a tsapolong, empa o ke ke wa ba feta ka boholo, hobane wa na wa kena kobong tsa mohatsa ka, wa hlompholla phate tsa ka ka ho hlwella ho tsona.
Davida a re ho Abishai, le ho bahlanka ba hae bohle: “Haesita mora wa ka, ya tswileng lethekeng la ka, e le yena ya batlang ho mpolaya, jwale le re Mobenjamine eo yena a ke ke a tjhatjhehela ho mpolaya hobaneng? Mo tloheleng a hlapaolane, hobane Morena o mo laetse jwalo.
“Leihlo le tshehang ntata lona, le nyedisang taelo ya mma lona, makgwaba a dikgohlo a tla le honya, mme madinyane a ntsu a le je.
Batho bohle ba tla hatellana, motho ka mong a hatelle e mong, ba ahisaneng le bona ba hatellane. Batjha ba tla tsohela baholo ba bona matla, ba eisehang ba tsohele batlotlehi matla.
Kgalefo ya Morena wa mabotho e tjhesa lefatshe, tjhaba e be dibeso tse fepelang mollo; ha ho ya tla qenehela ngwanabo.
Bang ka wena esita le bana beno, bana le bona ba o ekile, ba kene hara letshwele ho o lwantsha, o se ka ba tshepa, leha ba o buisa hantle.”
Ke utlwa ba bangata ba ntse ba hweshetsa, ba re: “Kahohle ke Matshabeho! Mo hlahatseng! A re mo hlahatseng!” Metswalle ya ka yohle e laletse hore ke fose, e re: “Mohlomong a ka nna thetseha, yaba re tseba ho mo hlola ke hona, ra ba ra tseba le ho iphetetsa ka yena.”
“Motho ka mong a hlokomele motswalle wa hae, ngwaneno le yena o se ke wa mo tshepa, hoba ngwanabo motho ka mong ke mokgohlisi, motswalle ka mong ke moetseletsi.
Baahi ba hao ba nyedisa bo-ntata bona le bo-mma bona, ba hatella moditjhaba, ba hlorisa kgutsana le mohlolohadi.
Bohle ba thusanang le wena ba o thetsitse, ba o kgarameletsa meeding; balekane ba hao ba o kgelositse, metswalle eo o e tshepang e o tjhehetse leraba, empa wena ha o ka ke wa le bona.
“Motho o tla neelana ka ngwanabo hore a bolawe, ngwana ka ntatae; bana ba tla fetohela batswadi, ba etse hore ba bolawe.
“Ntata a lwantshane le mora, mora le ntatae, mma le moradi, moradi le mmae, matsale le ngwetsi, ngwetsi le matsalayo.”
Batswadi ba lona, le bana babo lona, ba tla neelana ka lona, mme ba tla bolaya ba bang ba lona.
“Ha ke bue ka lona bohle; ke tseba bao ke ba kgethileng. Empa Mangolo a reng: ‘Eo ke ntshanang se inong le yena, o nthahile ka serethe,’ a tshwanetse ho phethahala.