Mikea 1:3 - BIBELE Bonang! Morena o tswa ka leahong la hae; o tla theoha, a hate tlhorong tsa dithaba. Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane, bonang, Jehova o ya tswa nqalong ya hae, o tla theoha, a tsamaye hodima diphahameng tsa lefatshe; |
Morena o tla sireletsa thaba ena, Bamoabe bona a ba hatakele, a ba hatakele sa mmoko o hatakellwa moraheng.
Bonang, Morena o tswa ka leahong la hae, ho ahlolela baahi ba lefatshe dibe tsa bona. Fatshe le tla hlahisa madi a tsholletsweng hodima lona, ba bolaetsweng ho lona le ke ke la hlola le sa ba pata.
Yaba Moya o nkukela hodimo, mme kamorao ho nna ka utlwa lentswe le phefa, le re: “Ho roriswe tlotla ya Morena leahong la hae!”
Ke yena ya theileng dithaba, a ba a bopa le meya. O senolela motho mehopolo ya hae, a fetole meso, a e etse lefifi. O tsamaya a phahametse lefatshe, lebitso la hae ke Morena, Morena, Modimo wa mabotho.
Morena Modimo wa mabotho o ama lefatshe, a ame lefatshe, ebe le a qhibidiha, bohle ba phelang ho lona ebe ba a lla. Naha yohle e tla kokomoha jwaloka Nile, e nto bohlela jwaloka noka ya Egepeta.
Morena Modimo ke yena ya mmatlafatsang, ya potlakisang maoto a ka jwaloka a dikgama, ya ntsamaisang hodima dihlaba. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka diletsa tsa dikgwele.
Mohla tsatsi leo, Morena o tla ema Thabeng ya Mehlwaare, e ka botjhabela ho Jerusalema. Thaba ya Mehlwaare e tla petsoha ka lehare, ho tloha botjhabela ho isa bophirimela, ho hlahe kgohlo e tebileng; karolo e nngwe ya thaba e tla ya leboya, e nngwe yona e ye borwa.
“A mo etsa mmusi wa phahama tsa lefatshe, a phela ka ho ja mabehwa-ke-naha; a mo momontsha mahe a dinotshi a etswa lefikeng, a mo fa ole e etswa fikeng la moralla;
O lehlohonolo hakaakang, wena Iseraele! Ke mang ya ka tshwanang le wena? Le setjhaba se pholositsweng ke Morena, ke thebe ya lona e le thusetsang, ke yena sabole ya tlotla ya lona. Dira tsa lona di tla ineela ho lona, lona le di hatakele hodimo.”