Mattheu 9:8 - BIBELE Yare ha matshwele a bona hoo, a tshoha, mme a tlotlisa Modimo ya neileng batho matla a jwalo. Sesotho 1909/1961 (SO) Bongata ha bo bona hoo, ba tsota, mme ba rorisa Modimo, kahobane o neile batho matla a makalo. Baasraak Sotho NT Empa ha matshwele a bona hoo, a hlollwa, mme a tlotlisa Modimo, ya neileng batho matla a kalo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa ha matshwele a bona hoo, a hlollwa, mme a tlotlisa Modimo, ya neileng batho matla a kalo. |
Batho ba hlollwa haholo ha ba bona dimumu di bua, dihlotsa di fodile, diritsa di tsamaya, difofu di bona, mme ba tlotlisa Modimo wa Iseraele.
Lesedi la lona le ke le kganyetse batho jwalo, ba tle ba bone mesebetsi e metle ya lona, ba be ba tlotlise Ntata lona ya mahodimong.”
Hanghang a tsoha, a nka diphate tsa hae, a tswa, bohle ba mo tadimile, hoo ba ileng ba hlollwa haholo, mme ba tlotlisa Modimo, ba re: “Ha re eso bone ntho e tjena!”
Ba hlollwa haholo, mme ba re: “Tsohle o di entse hantle; o etsa hore bo-tsebetutu ba utlwe, dimumu di bue!”
Empa e mong wa bona ha a bona hore o fodile, a kgutla a ntse a tlotlisa Modimo ka lentswe le phahameng,
Hanghang sa boela sa bona, mme sa latela Jesu se ntse se tlotlisa Modimo. Batho bohle, ha ba bona hoo, ba rorisa Modimo.
Badisa ba nto kgutla ba ntse ba tlotlisa Modimo, ba mo roka ka ditaba tsohle tseo ba di utlwileng, ba di boneng, jwalokaha ba boleletswe.
Yare ha molaodi wa lebotho la ba lekgolo a bona se etsahetseng, a tlotlisa Modimo, a re: “Kannete motho enwa o ne a lokile.”
Jwale bohle ba tshoha, mme ba tlotlisa Modimo, ba re: “Moporofeta e moholo o teng hara rona.” Hape ba re: “Modimo o etetse setjhaba sa hae.”
Yare ha ba utlwa tsena, ba thola. Jwale ba tlotlisa Modimo, ba re: “Efela le baditjhaba Modimo o ba neile pako e isang bophelong.”
Ha ba utlwa tsena, ba tlotlisa Modimo, ba re ho Paulosi: “O a bona, ngwaneso, hore ho na le diketekete tsa Bajuda ba dumetseng, mme bohle ba tjhesehela Molao.
Yare hoba ba eketse ho ba hlokomedisa ka ditshokelo, ba ba lokolla. Ka baka la setjhaba ba hloka seo ba ka ba ahlolelang sona, hobane setjhaba sohle se ne se tlotlisa Modimo ka se etsahetseng.
Ka ho ananela tshebetso eo, ba bangata ba tla tlotlisa Modimo ka baka la hobane le ikokobeletsa molaetsa o molemo wa Kreste oo le o pakang, le ka baka la hobane ka ho fana le arolelana le bona, esita le ba bang bohle.
Le be le metsamao e metle hara bahedene, e tle ere ha ba bona mesebetsi ya lona e metle, ba tlotlise Modimo mohla letsatsi la kahlolo, le hoja jwale ba ntse ba le bua hampe, ba re le etsa tse mpe.