O tseba ha ke dula le ha ke ema, o hlalohanya mehopolo ya ka, o e hlalohanya ke sa le hole.
Mattheu 9:4 - BIBELE Jesu, ka ho tseba mehopolo ya bona, a re: “Le hopolelang bobe ka dipelong tsa lona? Sesotho 1909/1961 (SO) Jesu ha a bona mehopolo ya bona, a re: Le hopolelang bobe ka dipelong tsa lona? Baasraak Sotho NT Jesu a tseba mehopolo ya bona, a re: Le hopolelang bobe ka dipelong tsa lona? Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jesu a tseba mehopolo ya bona, a re: Le hopolelang bobe ka dipelong tsa lona? |
O tseba ha ke dula le ha ke ema, o hlalohanya mehopolo ya ka, o e hlalohanya ke sa le hole.
Hoja re ne re lebetse lebitso, lebitso la Modimo wa rona, re phahamisitse matsoho a rona, re a phahamiseditse modimo osele,
“ ‘Morena Modimo o bua tjena: Mohlang oo o tla fihlelwa ke mehopolo kelellong ya hao, ebe o rera merero e mebe.
Ka ho tseba mehopolo ya bona, Jesu a re ho bona: “Mmuso o mong le o mong o ikarolang ho itwantsha o fetoha lesupi, mme ha ho motse kapa lelapa le ikarolang ho itwantsha le ka tiyang.
Empa yena, ka ho tseba boikaketsi ba bona, a re ho bona: “Le ntekelang? Ntlisetseng tjhelete ya denare, nke ke e bone.”
Hanghang Jesu ha a tseba ka moyeng wa hae hore ba ipotsa jwalo, a re ho bona: “Ke ka baka lang le ipotsang tjee?
Empa ka ho tseba mehopolo ya bona, Jesu a re ho bona: “Mmuso o mong le o mong o ikarolang ho itwantsha o fetoha lesupi, le lelapa le ikarolang ho itwantsha, le tla wa.
Empa Jesu, ka ho tseba mehopolo ya bona, a ba araba, a re: “Le hopolang ka dipelong tsa lona?
Empa Jesu o ne a tseba mehopolo ya bona, mme a re ho monna ya shweleng letsoho: “Tloo, o eme mona hare!” A tla, a ema.
Jesu a mo araba, a re: “Simone, ke na le seo ke ratang ho o bolella sona.” Yena a re: “Moruti, se bolele!”
Jesu a tseba hore ba rata ho mmotsa, mme a re ho bona: “Na le botsana ka taba ee, hobane ke itse: ‘Kamora nakwana, ha le na ho mpona, empa kamora nakwana le tla boela le mpona?’
Jwale re a tseba hore o tseba tsohle, mme ha ho hlokahale hore mang kapa mang a o botse; ka hona re dumela hore o tswa ho Modimo.”
A re ho yena kgetlo la boraro: “Simone, mora Johanne, na o a nthata na?” Petrose a swaba hobane a itse ho yena kgetlo la boraro: “Na o a nthata na,” mme a re ho yena: “Morena, o tseba tsohle, o a tseba hore ke a o rata.” Jesu a re ho yena: “Alosa dinku tsa ka!
Empa Jesu, ka ho tseba hore barutuwa ba hae ba dumaduma ka taba ena, a re ho bona: “Na hoo ho a le kgopisa?
Empa ba bang ba teng ho lona ba sa dumeleng.” Jesu o ne a tsebile ho tloha qalong hore na ba sa dumeleng ke bo-mang, le hore na ya tla mo eka ke mang.
Petrose a re ho yena: “Ke ka baka lang le dumellaneng ho leka Moya wa Morena? Utlwa diqi tsa ba tswa epela monna wa hao di monyako, le wena ba tla o nkela kantle.”
Ke tla bolaya bana ba hae; dikereke tsohle di tla tseba hore ke nna ya bonang se ka mehopolong le ka dipelong tsa batho, mme ke putsa e mong le e mong wa lona ho ya ka mesebetsi ya hae.