Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 9:4 - Baasraak Sotho NT

4 Jesu a tseba mehopolo ya bona, a re: Le hopolelang bobe ka dipelong tsa lona?

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Jesu ha a bona mehopolo ya bona, a re: Le hopolelang bobe ka dipelong tsa lona?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Jesu, ka ho tseba mehopolo ya bona, a re: “Le hopolelang bobe ka dipelong tsa lona?

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 Jesu a tseba mehopolo ya bona, a re: Le hopolelang bobe ka dipelong tsa lona?

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 9:4
24 Referencias Cruzadas  

Jesu a tseba mehopolo ya bona, a re ho bona: Mmuso o mong le o mong o arohaneng o tla senyeha; le motse o mong le o mong, leha e le ntlo e arohaneng, e ke ke ya tiya;


Na re fane, kapa re se ke ra fana? Empa yena, ka ho tseba boikaketsi ba bona, a re ho bona: Le ntekelang? Ntlisetseng denari, ke tle ke e bone.


Yare ha Jesu a lemoha kapele moyeng wa hae hore ba ne ba nahana jwalo ka dipelong tsa bona, a re ho bona: “Ke ka baka lang ha le nahana dintho tsee ka dipelong tsa lona?


Empa yena, ka ho tseba mehopolo ya bona, a re ho bona: Mmuso o mong le o mong o arohaneng o tla senyeha; mme ntlo e arohaneng le ntlo e wa.


Empa Jesu, ha a lemoha mehopolo ya bona, a araba, a re ho bona: Le ntse le nahana ka dipelo tsa lona jwang?


Empa yena o ne a tseba mehopolo ya bona, mme a re ho monna ya letsoho le omeletseng: Ema, o eme hara bona. A tsoha, a ema.


Jesu a araba, a re ho yena: Simone, ke na le seo ke batlang ho o bolella sona. A re: Moruti, bolela.


Jesu a tseba hobane ba ne ba rata ho mmotsa, a re ho bona: Hleka le a botsana hore ke itse: Ho se ho se hokae, mme ha le ka ke la mpona;


Jwale re a tseba hore o tseba dintho tsohle, mme ha o hloke hore motho a o botse;


A re ho yena la boraro: Simone, mora Jona, a o a nthata na? Petrose a swaba ke ha a itse ho yena la boraro, a re: O a nthata na? A re ho yena: Morena, o tseba tsohle; o a tseba hobane ke a o rata. Jesu a re ho yena: Fepa dinku tsa ka.


Jesu ha a tseba ka ho yena hore barutuwa ba hae ba dumaduma ka hoo, a re ho bona: “Na hoo ho a le kgopisa?


Empa ho na le ba bang hara lona ba sa dumeleng. Hobane Jesu o tsebile ho tloha qalong hore na ba sa kang ba dumela ke bo-mang, le hore na ke mang ya tla mo eka.


Petrose a re ho yena: “Ke ka baka lang ha le dumellane ho leka Moya wa Morena? bona, maoto a ba epetseng monna wa hao a monyako, mme ba tla o isa kantle.


Bana ba hae ke tla ba bolaya ka lefu; mme dikereke tsohle di tla tseba hobane ke nna ya lekolang matheka le dipelo, mme ke tla nea e mong le e mong wa lona ho ya ka mesebetsi ya hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos