La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mattheu 9:31 - BIBELE

Empa hoba di tswe, tsa hasanya ditaba tsa Jesu lefatsheng leo lohle.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Empa ha di tswile, tsa hasanya botumo ba hae naheng eo yohle.

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Empa bona, ha ba tloha, ba hasa botumo ba hae naheng eo yohle.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Empa bona, ha ba tloha, ba hasa botumo ba hae naheng eo yohle.

Ver Capítulo



Mattheu 9:31
11 Referencias Cruzadas  

Ka nako eo kgosi Heroda a utlwa botumo ba Jesu.


Bahlabani ba amohela tjhelete, mme ba etsa kamoo ba lailweng kateng. Polelo ena ya tumiswa hara Bajuda ho fihlela kajeno-ya-bokajeno.


Setumo sa hae sa utlwahala Siria yohle, mme ha tliswa ho yena bohle ba jewang ke mafu a mefutafuta, ba imetsweng ke mahloko, ba nang le bademona, ba shwang sethwathwa, le diritsa, mme a ba fodisa.


Taba ena ya aparela lefatshe leo lohle.


Hanghang botumo ba hae ba phatlalla hohle naheng ya Galelea.


Jesu a ba laya ho se bolelle motho, empa leha a ba laile, ba tswela pele ho phatlalatsa taba eo.


Yaba Jesu a kgutlela Galelea a tletse matla a Moya o Halalelang; botumo ba hae ba phatlalla tikolohong yohle.


Jesu a tumiswa dibakeng tsohle tsa tikoloho eo.


Empa taba ya hae ya nna ya phatlalla, mme matshwelehadi a phuthehela ho tla mo mamela le ho fodiswa malwetseng a wona.


Yaba taba tsa hae di phatlalla le Judea kaofela le tikolohong yohle.