Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 5:15 - BIBELE

15 Empa taba ya hae ya nna ya phatlalla, mme matshwelehadi a phuthehela ho tla mo mamela le ho fodiswa malwetseng a wona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Botumo ba hae ba eketsa ho ata, mme matshwele a maholo a tla hammoho ho mo utlwa, le ho fodiswa malwetse a bona ke yena.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

15 Empa botumo ba hae ba nna ba tswela pele haholo, mme matshwele a maholo a bokana ho tla mo mamela, le ho fodiswa malwetse a bona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

15 Empa botumo ba hae ba nna ba tswela pele haholo, mme matshwele a maholo a bokana ho tla mo mamela, le ho fodiswa malwetse a bona.

Ver Capítulo Copiar




Luka 5:15
13 Referencias Cruzadas  

Ho tshaba Morena ho ruta motho bohlale; ikokobetse pele, mme o tla tlotlwa.


Taba ena ya aparela lefatshe leo lohle.


Empa hoba di tswe, tsa hasanya ditaba tsa Jesu lefatsheng leo lohle.


Hanghang botumo ba hae ba phatlalla hohle naheng ya Galelea.


Empa yena, hoba a tswe moo, a tsamaya a boledisa, mme a hasanya taba eo, hoo Jesu a bileng a sitwa ho kena motseng a bonwa, a hlola nahathothe, mme batho ba tla ho yena ba etswa kahohle.


Jesu a ya letsheng le barutuwa ba hae, mme letshwelehadi le tswang Galelea le Judea la mo latela;


Lekgatheng leo, ha letshwele la batho ba diketekete le bokane, hoo ba neng ba hatellana, Jesu a qala pele ka ho re ho barutuwa ba hae: “Hlokomelang tomoso ya Bafarisi, e leng boikaketsi.


Matshwelehadi a ne a tsamaya le Jesu, yaba o a reteleha, o re ho wona:


Letshwelehadi la mo latela, hobane le bone mehlolo eo a e entseng ho ba kulang.


Ka mokgwa o jwalo le mesebetsi e metle e pepeneneng; athe le e seng jwalo e ke ke ya nna ya pateha.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos