La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mattheu 9:26 - BIBELE

Taba ena ya aparela lefatshe leo lohle.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Mme taba eo ya tuma lefatsheng leo lohle.

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Tumo ya taba eo ya utlwahala naheng eo yohle.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Tumo ya taba eo ya utlwahala naheng eo yohle.

Ver Capítulo



Mattheu 9:26
11 Referencias Cruzadas  

Setumo sa hae sa utlwahala Siria yohle, mme ha tliswa ho yena bohle ba jewang ke mafu a mefutafuta, ba imetsweng ke mahloko, ba nang le bademona, ba shwang sethwathwa, le diritsa, mme a ba fodisa.


Empa hoba di tswe, tsa hasanya ditaba tsa Jesu lefatsheng leo lohle.


Hanghang botumo ba hae ba phatlalla hohle naheng ya Galelea.


Empa yena, hoba a tswe moo, a tsamaya a boledisa, mme a hasanya taba eo, hoo Jesu a bileng a sitwa ho kena motseng a bonwa, a hlola nahathothe, mme batho ba tla ho yena ba etswa kahohle.


Kgosi Heroda a utlwa tsena, hobane lebitso la Jesu le ne le tumile. Ho ne ho thwe Johanne Mokolobetsi o tsohile bafung, ka baka leo, matla a hlollang a sebetsa ka yena.


Yaba Jesu a kgutlela Galelea a tletse matla a Moya o Halalelang; botumo ba hae ba phatlalla tikolohong yohle.


Jesu a tumiswa dibakeng tsohle tsa tikoloho eo.


Empa taba ya hae ya nna ya phatlalla, mme matshwelehadi a phuthehela ho tla mo mamela le ho fodiswa malwetseng a wona.


Yaba taba tsa hae di phatlalla le Judea kaofela le tikolohong yohle.


Kgosi e tseba tsena tsohle; ke ka baka leo ke buang ka sebete, hobane ke kgolwa hore ha ho letho le patilweng ho yona, hobane ha di a etsetswa sephiring.