Kajeno ke fetohile sesomo ho metswalle, ke fetohile sesomo ke lokile, ke se na kodi, nna ya neng a ipiletsa ho Modimo, a nkarabe.
Mattheu 9:24 - BIBELE a re: “Suthang! Ngwanana ha a a shwa, o mpa a robetse.” Ba mo ja ditsheho. Sesotho 1909/1961 (SO) A re ho bona: Tlohang, hobane morwetsana ha a shwa, o mpa a robetse. Mme ba mo tsheha. Baasraak Sotho NT A re ho bona: Suthang; Mme ba mo tsheha. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A re ho bona: Suthang; Mme ba mo tsheha. |
Kajeno ke fetohile sesomo ho metswalle, ke fetohile sesomo ke lokile, ke se na kodi, nna ya neng a ipiletsa ho Modimo, a nkarabe.
Morena, Molopolli wa Iseraele, yena Ya Halalelang, o bua tjena ho mohlanka wa babusi, ho ya ileng a nyediswa, a nyonywa ke ditjhaba: “Kgosi di tla o bona, di eme ka maoto, mahosana le wona a tla o obamela, ka baka la Morena, yena ya tshepahalang, Ya Halalelang wa Iseraele, ya o kgethileng.”
O ile a nyediswa, a furallwa ke batho, ya eba motho wa mahlomola, ya tsebang mahloko. A tshwana le eo batho ba tshabang le ho mo tadima; o ile a nyediswa, ra se ke ra mo natsa.
Ba mo ja ditsheho. Yare hoba a ntshetse batho bohle kantle, a nka ntata ngwana le mmae, le bao a nang le bona, a kena le bona kamoo ngwana a leng kateng.
Yare ha Jesu a utlwa, a re: “Ho kula hona ha ho ise lefung, empa ho isa tlotlisong ya Modimo, hore Mora wa Modimo a tlotliswe ka hona.”
Paulosi a theoha, a itihela hodima hae, a mo hlasinya, a re: “Le se ke la tshoha, hobane o ntse a phela.”
Hoba Petrose a ntshetse bohle kantle, a kgumama, a rapela; a ntano retelehela setopong, a re: “Tabitha, tsoha!” Tabitha a tutuboloha, mme ha a bona Petrose, a dula.