Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 12:4 - BIBELE

4 Kajeno ke fetohile sesomo ho metswalle, ke fetohile sesomo ke lokile, ke se na kodi, nna ya neng a ipiletsa ho Modimo, a nkarabe.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ke fetohile sesomo ho metswalle ya ka, ha ke kopa thuso ho Modimo; e, ke sesomo ke le ya lokileng, ya se nang molato.

Ver Capítulo Copiar




Jobo 12:4
26 Referencias Cruzadas  

O re batho ba kgutsiswe ke ho berabera ha hao? Ere o soma, o se kgalemelwe ke motho?


Ba iketlileng ba nyedisa bomadimabe, ba re ke pheletso ya ba kgatheng la ho thella.


Bonang jwale, nyewe ya ka ke e radile, ke a tseba ke tla fumanwa ke se molato.


Batho ha ba kopetse melomo ha ba ntshoma, ba ntjabela lerameng ba bile ba nnyefola, ba entse setha-se-wele hodima ka.


Ha e le metswalle ya ka e a ntshoma, keledi tsa ka di keleketlela ho Modimo.


Basomi ba mpotapotile, mahlo a ka a tadimile bora ba bona.


“Ho bohle ke se ke fetohile sesomo, fahleho sa ka ba se tshwela ka mathe;


bea pelo, le nna ke bolele tsa ka, ha ke qetile ebe jwale o a ntshoma.


“Ba banyenyane ho nna jwale ba a ntshoma, bao bo-ntata bona ke neng ke ba nyedisa, ke neng nke ke ka ba disisa mohlape le ntja tsa ka.


“Jwale ke bona ba ntlakang ka pina, ke se ke fetohile sesomo ho bona.


“Motho ke ofe ya tshwanang le Jobo? O momorotsa nyefolo jwalokaha metsi a nowa;


Ke a le kopa: Imameleng, phoso e se be teng; imameleng hape, esere ho loka ha ka ha thunthetswa.


“Le hoja ke se na kodi, ke se ke itenne; ke nyedisa bophelo ba ka, ke a bo nyatsa.


Baphoqi ha ba phetse ho ntshoma, ba ntsikitlanyetsa meno.


Ha a ipiletsa ho nna ke tla mo araba; matshwenyehong ke be le yena, ke mo lopolle, ke mo tlotlise.


Motho ya lokileng o tshaba Morena, empa ya kgopo yena o nyedisa Morena.


Morena, o ile wa nthetsa, ka thetseha, wena o matla ho mpheta, mme o ntlhotse. Tsatsi lohle ba ntlepa ditsheho, motho ka mong o nnyekoletsa melomo.


‘Ipiletse ho nna, mme ke tla o araba, ke o bolelle dintho tse kgolo, tse matla, tseo wena o sa di tsebeng.’


Empa nna ke tla lebella Morena, ke lebelle Modimo, Mopholosi wa ka; Modimo wa ka o tla nkutlwa.


ba loha mofapahlooho ka meutlwa, ba mo rwesa wona, ba mo tshwarisa leqala ka letsoho le letona, ba kgumama pela hae, ba mo soma, ba re: “Ahe! Kgosi ya Bajuda!”


a re: “Suthang! Ngwanana ha a a shwa, o mpa a robetse.” Ba mo ja ditsheho.


Ba mo ja ditsheho. Yare hoba a ntshetse batho bohle kantle, a nka ntata ngwana le mmae, le bao a nang le bona, a kena le bona kamoo ngwana a leng kateng.


Jwale Bafarisi, ba neng ba rata tjhelete, ba utlwa tseo tsohle, mme ba mo soma.


Yare ha ba utlwa tsa tsoho ya bafu, ba bang ba soma, ba bang ba re: “Re sa tla o utlwa hape ka taba ena.”


Ba bang ba ile ba feta hara ditshomo le ditjhapo, ba kenngwa ditlamong le ditjhankaneng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos