Jeremia a qapela Josiya kodi-ya-malla, mme ho fihlela kajeno-ya-bokajeno, dibini tsohle tsa banna le tsa basadi di ntse di bua ka Josiya ha di bina kodi-ya-malla eo, mme hona ya eba molao naheng ya Iseraele. Tsena di ngotswe Bukeng ya Kodi-ya-malla.
Mattheu 9:23 - BIBELE Ha Jesu a fihla tlung ya mookamedi, mme a bona diletsi tsa makodilo le letshwele le tlatsang lerata, Sesotho 1909/1961 (SO) Jesu ha a fihla tlung ya kgosana, a bona ba teang diphala le batho ba bangata ba etsang lerata le leholo. Baasraak Sotho NT Jesu ha a fihla tlung ya mmusi, a bona diletsi tsa diphala le letshwele le etsang lerata. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jesu ha a fihla tlung ya mmusi, a bona diletsi tsa diphala le letshwele le etsang lerata. |
Jeremia a qapela Josiya kodi-ya-malla, mme ho fihlela kajeno-ya-bokajeno, dibini tsohle tsa banna le tsa basadi di ntse di bua ka Josiya ha di bina kodi-ya-malla eo, mme hona ya eba molao naheng ya Iseraele. Tsena di ngotswe Bukeng ya Kodi-ya-malla.
“Ba hlomphehang le ba eisehang ba tla shwela naheng ena. Ha ba na ho epelwa leha e le ho llelwa; ha ho ya tla iphatsa kapa a kute moriri wa hae ho bontsha maswabi a hae.
O fehelwe o ntse o kgutsitse, o se ke wa llela bafu. O nne o rwale moqhaka wa hao hloohong ya hao, le meqathatso ya hao maotong, o se ke wa kwahela ditedu tsa hao kapa wa ja dijo tse etseditsweng ba bofifing.”
ba re: “ ‘Re le letseditse diletsa, empa ha le a ka la etsa motjeko! Re le binetse kodi-ya-malla, empa ha le a ka la lla!’
Ba tshwana le bana ba dutseng lebaleng la motse, ba howeletsanang, ba re: “ ‘Re le letseditse diletsa, empa ha le a ka la etsa motjeko; re le binetse kodi-ya-malla, empa ha le a ka la lla.’
Paulosi a theoha, a itihela hodima hae, a mo hlasinya, a re: “Le se ke la tshoha, hobane o ntse a phela.”
Petrose a ema, a ya le bona. Ha a fihla, ba mo isa kamoreng e kahodimo, mme bahlolohadi bohle ba mo teela hare ba ntse ba lla, ba mmontsha mefuta ya diaparo eo Dorokase a neng a di etse ha a sa ntse a phela.
Mmino wa baletsi ba diharepa, le wa dibini, le wa makodilo, le wa diterompeta, ha o ka ke wa hlola o utlwahala ha hao. Setsebi sa mosebetsi ofe kapa ofe ha se ka ke sa hlola se bonwa ha hao. Modumo wa lelwala ha o ka ke wa hlola o utlwahala ha hao.