La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mattheu 9:18 - BIBELE

Ha Jesu a ntse a ba bolella tsena, ha fihla e mong wa baokamedi ba ntlo ya thapelo, a mo kgumamela, a re: “Moradi wa ka o sa tswa hlokahala, empa tlo o mmee letsoho, mme o tla phela.”

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

A re a sa ba bolella ditaba tseo, hang, kgosana ya fihla, ya mo kgumamela, ya re: Moradi wa ka o tswa shwa hona jwale; empa tloo, o bee seatla sa hao hodima hae, mme o tla boela a phele.

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

A re a sa ba bolella taba tseo, bonang, ha fihla mmusi e mong, a mo kgumamela, a re: Moradi wa ka o se a shwele;

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

A re a sa ba bolella taba tseo, bonang, ha fihla mmusi e mong, a mo kgumamela, a re: Moradi wa ka o se a shwele;

Ver Capítulo



Mattheu 9:18
25 Referencias Cruzadas  

Empa Naamane a halefa, a tsamaya a ntse a re: “A ke le boneng! Ke ne ke hopotse hore motho enwa o tla tla ka seqo, a tlo ema kapele ho nna, a rapele Morena Modimo wa hae, mme ka letsoho la hae a pholle moo lepera le leng teng, ebe le a fola.


Ba neng ba le ka sekepeng ba mo kgumamela, ba re: “Kannete o Mora wa Modimo!”


Empa mosadi a tla, a itihela maotong a hae, a re: “Nthuse, Morena!”


Hoba ba fihle hara letshwele, monna e mong a tla ho Jesu, a kgumama kapele ho yena,


Mohatsa Sebedea, a ena le bara ba hae, a tla ho Jesu, a mo kgumamela, mme a mo kopa ho hong.


Ha ba mmona, ba mo kgumamela, empa ba bang ba belaela.


Yaba molepera o tla ho yena, o a mo kgumamela, o re: “Morena, ha o rata o ka ntlhwekisa.”


Barutuwa ba atamela, ba mo tsosa, ba re: “Morena, re pholose, re a timela!”


Hape ha ho motho ya ka tshelang veine e ntjha makukeng a kgale, esere mohlomong makuka a phatloha, veine ya qhaleha, le wona makuka a senyeha, empa o ye a tshele veine e ntjha makukeng a matjha, mme bobedi ba tsona di bolokehe.”


Jesu a ema, a mo latela, le barutuwa ba hae ba ya le yena.


a re: “Suthang! Ngwanana ha a a shwa, o mpa a robetse.” Ba mo ja ditsheho.


Mookamedi wa ntlo ya thapelo a bua a halefile, hobane Jesu a ile a fodisa ka Sabatha, a re ho letshwele: “Matsatsi a tsheletse ao eka kgonang ho sebetswe ka wona. Ka baka leo, le no tla fodiswa ka wona, e seng ka letsatsi la Sabatha.”


Mmusi e mong a botsa Jesu, a re: “Moruti ya molemo, nka etsa eng hore ke tle ke rue bophelo bo sa feleng?”


Jwale mohlanka wa molaodi e mong wa lebotho la ba lekgolo, eo e neng e le wa bohlokwa ho monga hae, o ne a kula, a le makgatheng a ho shwa.


Jesu a re ho yena: “Ke nna tsoho le bophelo; ya dumelang ho nna leha a ka shwa o tla phela.


Ha Maria a fihla moo Jesu a leng teng, mme a mmona, a itihela maotong a hae, a re ho yena: “Morena, hoja wa ba teng mona, kgaitsedi ya ka e ka be e sa shwa.”


Yare hoba ba bale Molao le Baporofeta, baokamedi ba ntlo ya thapelo ba romela ho bona, ba re: “Banna ba heso, haeba le ena le lentswe le leng la ho kgothatsa batho bana, buang.”


Jwale ha etsahala hore ntata Poboleose a robale fatshe, a tshwerwe ke feberu le letshollo le lefubedu. Paulosi a kena, a rapela, a mmea matsoho, mme a mo fodisa.