Setumo sa hae sa utlwahala Siria yohle, mme ha tliswa ho yena bohle ba jewang ke mafu a mefutafuta, ba imetsweng ke mahloko, ba nang le bademona, ba shwang sethwathwa, le diritsa, mme a ba fodisa.
Mattheu 8:6 - BIBELE a re: “Morena, mohlanka wa ka o diphateng ha ka, o shwele ditho, o opelwa habohlokohloko.” Sesotho 1909/1961 (SO) a re: Morena, mohlanka wa ka o rapaletse tlung; o omeletse ditho, mme o kula hampe. Baasraak Sotho NT A re: Morena, mohlanka wa ka o robetse hae, o shwele ditho, a hlokofaditswe haholo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A re: Morena, mohlanka wa ka o robetse hae, o shwele ditho, a hlokofaditswe haholo. |
Setumo sa hae sa utlwahala Siria yohle, mme ha tliswa ho yena bohle ba jewang ke mafu a mefutafuta, ba imetsweng ke mahloko, ba nang le bademona, ba shwang sethwathwa, le diritsa, mme a ba fodisa.
Batho ba mo tlisetsa monna ya shweleng ditho, ba mo nkile ka diphate. Ha Jesu a bona tumelo ya bona, a re ho ya shweleng ditho: “Ngwana ka, beta pelo, o tshwaretswe dibe tsa hao.”
Yare hoba lengeloi le buang le yena le tlohe, a bitsa bahlanka ba hae ba babedi le mohlabani e mong wa ba mo lebelang, ya hlomphang Modimo,
Ba bangata ba ne ba ena le meya e ditshila; ya tswa ho bona e bokolla haholo. Le ba bangata ba ba shweleng ditho le ba diritsa ba fodiswa.
Teng a fumana monna e mong ya bitswang Enea, ya neng a qetile dilemo tse robedi a robetse diphateng, a shwele ditho.
Kahoo ha ho sa le moditjhaba kapa Mojuda, ya bolotseng kapa ya sa bollang, ya hlaha, ya tala, lekgoba le molokolohi, empa ho na le Kreste feela; ke yena tsohle, mme o ho bohle.
Lona beng ba makgoba, tshwarang makgoba a lona hantle, le ka toka. Tsebang hore le lona le na le Morena lehodimong.
Makgoba ao beng ba wona e leng badumedi a se ke a ba nyedisa, hobane e le bana babo wona; a mpe a ba sebeletse hantle le ho feta, hobane ba fumanang molemo wa tshebeletso ya wona ke ba dumelang, bao a ba ratang. O rute, mme o kgothaletse tsena.
Empa jwale ha e sa le lekgoba, o se a feta lekgoba ka bohlokwa; ke ngwanabo rona ya ratehang, haholoholo ho nna. Jwale o tla rateha hakaakang ho wena e le motho, e le modumedi!