Mosadi eo a re ho Elia: “Ekaba o ntsekisang, motho wa Modimo? Na o tletse hore sebe sa ka se hopolwe, mme moshanyana wa ka a shwe?”
Mattheu 8:34 - BIBELE Yaba bohle ba motse ba tswa ho ya kgahlanyetsa Jesu, mme ha ba mmona ba mo rapela hore a tswe naheng ya bona. Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba ba motse kaofela ba tswela ho kgahlanyetsa Jesu, mme ha ba mmona, ba mo rapela haholo, hore a tlohe naheng ya bona. Baasraak Sotho NT Mme bonang, motse wohle wa tswa ho ya kgahlanyetsa Jesu; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mme bonang, motse wohle wa tswa ho ya kgahlanyetsa Jesu; |
Mosadi eo a re ho Elia: “Ekaba o ntsekisang, motho wa Modimo? Na o tletse hore sebe sa ka se hopolwe, mme moshanyana wa ka a shwe?”
Yaba Amasiya o bua ho Amose, o re: “Tloha mona, senohe towe! Kgutlela naheng ya Juda kwana! Tsamaya o yo porofetela teng, ba tle ba o ngwathele!
Ba ne ba howa, ba re: “O re kene kang, Mora wa Modimo? Na o tlile kwano ho re hlokofatsa pele ho nako?”
Ha Simone Petrose a bona hoo, a itihela mangweleng a Jesu, a re: “Morena, tloha ho nna, hobane ke motho wa moetsadibe!”
Yare ha a bona Jesu, a itihela fatshe pela hae, a re ka lentswe le phahameng: “O nkene kang, Jesu Mora wa Modimo ya hodimodimo? Ke a o rapela, o se ke wa ntlhokofatsa!”
Jwale ke hobaneng re tshwanelang ho shwa? Kganare ena ya mollo e tla re timetsa! Ha re ka nna ra utlwa lentswe la Morena Modimo wa rona, ruri re tla shwa!
Samuele a etsa seo Morena a mo laetseng sona, mme a fihla Betlelehema. Baholo ba motse oo ba mo kgahlanyetsa ba ntse ba thothomela, mme ba re: “Na o tlile ka kgotso?”