Mattheu 8:27 - BIBELE Jwale batho bao ba hlollwa, ba re: “Eo ke ya jwang, ha e le moo a mamelwa le ke meya le letsha?” Sesotho 1909/1961 (SO) Batho bao ba tsota haholo, ba re: Enwa ke ya jwang, ha a utluwa le ke meya le lewatle? Baasraak Sotho NT Empa banna bao ba makala, ba re: Enwa ke motho wa jwang eo le meya le lewatle di mo utlwang? Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa banna bao ba makala, ba re: Enwa ke motho wa jwang eo le meya le lewatle di mo utlwang? |
Batho ba hlollwa haholo ha ba bona dimumu di bua, dihlotsa di fodile, diritsa di tsamaya, difofu di bona, mme ba tlotlisa Modimo wa Iseraele.
Ha Jesu a mo utlwa a makala, a re ho ba mo latetseng: “Ruri ke a le bolella, ha ke eso fumane tumelo e kaalo le Iseraeleng.
A re ho bona: “Le boi keng, lona ba tumelo e fokolang?” A tsoha, a kgalemela meya le letsha, mme ha kgutsa tu!
Hoba Jesu a tshelele mose wane, fatsheng la Bagadara, a kgahlanyetswa ke banna ba babedi ba nang le bademona, ba etswa mabitleng, ba le bohale bo tshabehang; hoo ho neng ho se ya sebete ho feta ka tsela eo.
Batho bohle ba hlollwa, hoo ba ileng ba botsana, ba re: “Hoo ke eng? Ke thuto e ntjha e nang le matla! O laela le meya e ditshila, mme e a mo mamela!”
Ba hlollwa haholo, mme ba re: “Tsohle o di entse hantle; o etsa hore bo-tsebetutu ba utlwe, dimumu di bue!”