Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Mareka 1:27 - BIBELE

27 Batho bohle ba hlollwa, hoo ba ileng ba botsana, ba re: “Hoo ke eng? Ke thuto e ntjha e nang le matla! O laela le meya e ditshila, mme e a mo mamela!”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Ba makala bohle, ba botsana, ba re: Keng hoo? Ke thuto e ntjha, e matla. O kgalemela le yona meya e ditshila, mme e a mo utlwa.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

27 Ba hlollwa bohle, ba ba ba botsana, ba re: Ke eng hoo? thuto ee e ncha ke efe? hobane ka matla o laela le wona meya e ditshila, mme e a mo mamela.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

27 Ba hlollwa bohle, ba ba ba botsana, ba re: Ke eng hoo? thuto ee e ncha ke efe? hobane ka matla o laela le wona meya e ditshila, mme e a mo mamela.

Ver Capítulo Copiar




Mareka 1:27
15 Referencias Cruzadas  

Batho ba hlollwa haholo ha ba bona dimumu di bua, dihlotsa di fodile, diritsa di tsamaya, difofu di bona, mme ba tlotlisa Modimo wa Iseraele.


Le nna, ke le motho ya taolong ya ba bang, ke na le bahlabani tlasa ka; ha ke re ho e mong: ‘Eya,’ o a ya; le ho e mong: ‘Tloo,’ o a tla; le ho mohlanka wa ka, ‘Etsa hona,’ o a etsa.”


Hoba modemona o lelekwe, semumu sa bua. Matshwele a makala, a re: “Ha ho eso ka ho hlaha ntho e tjena Iseraeleng.”


Yare hoba moya o ditshila o mo idibanye habohloko, o bokolle haholo, wa tswa ho yena.


Hanghang botumo ba hae ba phatlalla hohle naheng ya Galelea.


Barutuwa ba hlollwa ke dipolelo tsa hae. Jesu a boela a re ho bona: “Bana ba ka, ho thata hakaakang ho kena Mmusong wa Modimo!


Ba ne ba le tseleng, ba nyolohela Jerusalema. Jesu o na tsamaya kapele ho bona, mme ba ne ba hloletswe; athe ha e le ba latetseng ba ne ba tshohile. Yaba o boela a nkela ba leshome le metso e mmedi kathoko, a qala ho ba bolella tse tla etsahala ka yena,


Ha ba kena ka lebitleng, ba bona mohlankana ya dutseng ka lehlakoreng le letona, a apere seaparo se sesweu, mme ba makala.


Empa yena a re ho bona: “Se makaleng! Le batla Jesu wa Nasaretha ya thakgisitsweng: O tsohile, ha a yo mona. Bonang sebaka seo a neng a beilwe ho sona ke sena.


Ba hlollwa haholo, mme ba re: “Tsohle o di entse hantle; o etsa hore bo-tsebetutu ba utlwe, dimumu di bue!”


Bohle ba hlollwa, mme ba buisana, ba re: “Taelo ee ke e jwang, hore ebe o laela meya e ditshila ka borena le ka matla, mme e tswe?”


Jesu a bitsa ba leshome le metso e mmedi, a ba nea matla le taolo hodima bademona bohle le matla a ho fodisa malwetse,


Ba mo nka, ba mo isa lekgotleng la Areopagose, ba re: “Na re ka tseba hore na thuto ee e ntjha eo o e bolelang ke efe?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos