Mattheu 8:26 - BIBELE A re ho bona: “Le boi keng, lona ba tumelo e fokolang?” A tsoha, a kgalemela meya le letsha, mme ha kgutsa tu! Sesotho 1909/1961 (SO) A re ho bona: Batho ba tumelo e nyenyane, le boi keng na? Yaba o ema, a kgalemela meya le lewatle; mme kgutso e kgolo ya eba teng. Baasraak Sotho NT A re ho bona: Lona ba tumelo e nyenyane, le tshohile keng? Yaba o a tsoha, a kgalemela meya le lewatle; mme ha eba le kgutso e kgolo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A re ho bona: Lona ba tumelo e nyenyane, le tshohile keng? Yaba o a tsoha, a kgalemela meya le lewatle; mme ha eba le kgutso e kgolo. |
Morena, Modimo wa mabotho, ke mang ya kang wena? Morena, wena ya matla, botshepehi ba hao ke kobo ya hao.
O kae ya neng a tataise tsoho le letona la Moshe, a le tataisa ka tsoho le tlotlehang la hae; ya neng a arohanye metsi kapele ho bona, a etsa hore bitso la hae le tume kamehla yohle?
O kgalemela lewatle, ebe o a le pshesa, dinoka tse phallang le tsona a di pshese. Bashane le Karamele di a omella, dithunthung tsa Lebanone tsona di pone.
Morena, na o ne o halefetse dinoka? Na kgalefo ya hao e ne e tloketse melatswana, kapa o ne o halefetse lewatle, ha o no palame dipere tsa hao, o kaletse kariki tsa hao tsa tlholo?
Empa Jesu ka ho tseba mehopolo ya bona, a re: “Lona ba tumelo e fokolang! Keng ha le buisana, le re: ‘Ke hobane ha re a tla le bohobe?’
A re ho bona: “Ke hobane tumelo ya lona e a fokola. Kannete ke a le bolella, ke re: Hoja le na le tumelo e kaa ka tlhaku ya mosetareta le ne le tla re ho thaba ena: ‘Sutha mona, o ye mane,’ mme e ne e tla sutha. Ha ho letho le ka le sitang.
Ha e le moo Modimo a apesa jwalo jwang ba naha, bo leng teng kajeno, mme kamoso bo lahlelwe seboping, na lona ba tumelo e fokolang, a ke ke a le apesa ho feta?
Jwale batho bao ba hlollwa, ba re: “Eo ke ya jwang, ha e le moo a mamelwa le ke meya le letsha?”
Jesu a mo kgalemela, a re: “Thola! Tswa ho yena!” Yaba modemona o tabanya motho eo fatshe hara batho, o tswa ho yena o sa mo ntsha kotsi.
Ha a a ka a belaela tshepiso ya Modimo ka ho se dumele, empa a matlafatswa ke tumelo, a tlotlisa Modimo.
Ka letsohong la lona le ne le tshwere bukana e phetlilweng. Lengeloi leo la hata hodima lewatle ka leoto la lehlakore le letona, le hodima lefatshe ka la le letshehadi,