Jwale Sedekiya, mora wa Kenaneya, a atamela ho Mmikiya, a mo wahlela lerameng mona, a re: “Moya wa Morena o ile wa tswa jwang ka ho nna, ho ya bua le wena?”
Mattheu 5:39 - BIBELE Empa nna ke re ho lona: Le se ka la hanyetsa motho e mobe, empa ya o jabelang lerameng le letona, o mo retelletse le le letshehadi; Sesotho 1909/1961 (SO) Empa nna, ke re: Le se ke la hanela ya le etsang hampe; empa ekare ha motho a o jabela lerama le letona, o mo sekehele le lona le leng. Baasraak Sotho NT Empa nna ke re ho lona: Le se ke la hanela ya kgopo; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa nna ke re ho lona: Le se ke la hanela ya kgopo; |
Jwale Sedekiya, mora wa Kenaneya, a atamela ho Mmikiya, a mo wahlela lerameng mona, a re: “Moya wa Morena o ile wa tswa jwang ka ho nna, ho ya bua le wena?”
Batho ha ba kopetse melomo ha ba ntshoma, ba ntjabela lerameng ba bile ba nnyefola, ba entse setha-se-wele hodima ka.
Ke ile ka hlobola hore bashapi ba ntjhape mokokotlong, marama ka a retelletsa ho ba ntlhothang ditedu; ba ntshomang ba ntshwela ka mathe ha ke a ka ka ba patela fahleho sa ka.
“ ‘O se ke wa iphetetsa, kapa wa ntshetsa disuwa baneng ba setjhaba sa heno, empa o rate wa heno jwalokaha o ithata. Ke nna Morena.
Wena Jerusalema, kgobokanya bahlabani ba hao, hobane re etseditswe thibella; mmusi wa Iseraele ba tla mo otla, ba mo otle ka thupa lerameng.
Ditsebi tsa Molao le Bafarisi ba ne ba mo disitse hore na o tla fodisa ka Sabatha, hore ba tle ba fumane lebaka la ho mo qosa.
Jesu a mo araba, a re: “Haeba ke buile hampe, bolela bobe boo, empa haeba ke buile hantle, o nkotlelang na?”
Ka baka lena, le hlotswe ho hang, hobane le a qosana. Keng ha le sa itlohelle ho etswa hampe? Keng ha le sa itlohelle ho qhekanyetswa?
Hlokomelang hore ho se be ya busetsang bobe ka bobe, mme kamehla le pheelle ho etsetsana tse molemo, le ho di etsetsa bohle.
Se busetseng bobe ka bobe, kapa tlhapa ka tlhapa, empa le hlohonolofatse, hobane Modimo o le bitseditse ho ja lefa la mahlohonolo, hobane ho thwe: