La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mattheu 5:15 - BIBELE

lebone le lona ha le ke be le hotetswe le kwahelwe ka nkgo, empa le bewa sedulwaneng sa lona, le kgantshetse bohle ba ka tlung.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Lebone le lona ha le hoteletswe ho kenngwa katlasa morula, empa e le ho hlongwa kandelareng, le tle le bonesetse bohle ba leng tlung.

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Le gone batho ga ba tshube lobone ba lo bewa ka fa tlase ga kgamelo, fa e se mo setlhomong; mme e bonesetsa bohle ba ka tlung.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Le gone batho ga ba tshube lobone ba lo bewa ka fa tlase ga kgamelo, fa e se mo setlhomong; mme e bonesetsa bohle ba ka tlung.

Ver Capítulo



Mattheu 5:15
10 Referencias Cruzadas  

“O tla se etsetsa mabone a supileng, lebone ka leng le bewe ka mokgwa wa hore le bonese sebaka se kapele ho lona.


La mpotsa, la re: “O bona eng?” Ka le araba, ka re: “Ha ke tadima, ke bona sedulwana sa mabone sa kgauta, se nang le sekgakeletso kahodimo. Mabone a supileng a hodima sehlomelo sena, le mapeno a supileng bakeng sa mabone ana a kahodima sedulwana sena.


“Bua le Arone, o re ho yena: ‘Ha o hotetsa mabone, mabone ao a supileng a tla bonesa kapele ho sedulwana.’ ”


Jesu a re ho bona: “Na lebone le ye le tlisetswe ho tla kwahelwa ka nkgo kapa ho bewa tlasa bethe, e seng ho tla bewa sedulwaneng sa lona?


“Ha ho ya hotetsang lebone a le bee sebakeng se patehileng, leha e le katlasa nkgo, empa le bewa sedulwaneng sa lona, hore ba kenang ba bone lesedi.


hobane ha mmele wa hao wohle o ena le lesedi, o se na karolo le e nngwe e aparetsweng ke lefifi, o tla be o ena le lesedi ka botlalo, jwalokaha lebone le o bonesetsa ka lesedi la lona.”


“Ha ho ya hotetsang lebone, a le kwahele ka nkgo, kapa a le bee tlasa bethe, empa o le bea sedulwaneng, hore ba kenang ba tle ba bone lesedi.


e le hore le tle le hloke molato, le se ke la nyatseha, le be bana ba Modimo ba hlokang kodi, hara moloko ona o kgopo, o bolotsana, oo ho wona le kganyang jwaloka dinaledi sebakeng,


Ho ile ha hlongwa Tente, eo karolo ya yona ya pele e neng e bitswa Sehalalelo. Ka ho sona ho ne ho ena le sedulwana sa mabone, tafole, le bohobe bo halalelang.


Hopola he, hore na o wele ha o le hokae; o bake, mme o boele o phethe mesebetsi ya hao ya pele. Ho seng jwalo, ke tla tla ho wena, ke tlose sedulwana sa lebone la hao tulong ya sona, haeba o sa bake.