Ha Jesu a tsebile hoo, a tloha moo. Batho ba bangata ba mo latela, mme a ba fodisa bohle,
Mattheu 4:25 - BIBELE A ba a latelwa ke matshwelehadi a tswang Galelea, Dekapolese, Jerusalema, Judea le mose ho Jorodane. Sesotho 1909/1961 (SO) Mme matshwele a maholo a tswang Galelea, le Dekapolise, le Jerusalema, le Judea, le mose wane wa Jordane, a mo latela. Baasraak Sotho NT Matshwele a mangata a mo latela, a tswang Galelea, le Dekapolise, le Jerusalema, le Judea, le mose wane wa Jordane. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Matshwele a mangata a mo latela, a tswang Galelea, le Dekapolise, le Jerusalema, le Judea, le mose wane wa Jordane. |
Ha Jesu a tsebile hoo, a tloha moo. Batho ba bangata ba mo latela, mme a ba fodisa bohle,
“Lefatshe la Sebulone le lefatshe la Nafthali, nqa lewatle, mose ho Jorodane, Galelea ya baditjhaba,
Yare ha Jesu a bona matshwele, a nyolohela thabeng, mme hoba a dule, barutuwa ba hae ba tla ho yena;
Yaba o a ikela, mme a phatlalletsa baahi ba Dekapolese dintho tseo Jesu a mo etseditseng tsona, mme batho bohle ba makala.
Ha Sabatha se fihlile, a qala ho ruta ka tlung ya thapelo, mme ha bongata bo utlwa, ba hlollwa, ba re: “Dintho tsee, eo o di nka kae? Bohlale boo a bo filweng ke bo jwang? O etsa diketso tse matla hakaakang ka matsoho a hae!
Jesu ha a kgutla sebakeng sa Tire, a boela a ya letsheng la Galelea ka tsela ya Sidone, ka ho haola naha ya Dekapolese.
Hoba a theohe le bona, a ema motsitseng, ho ena le sehlopha se seholo sa barutuwa ba hae, le bongatangata ba setjhaba se tswang Judea yohle, le Jerusalema, le lebopong la Tire le Sidone,
Letshwele lohle le ne le batla ho mo ama, hobane matla a ne a etswa ho yena, mme o ne a fodisa bohle.