Ke tla hlahisa bora pakeng tsa hao le mosadi, le pakeng tsa madinyane a hao le bana ba hae. Bana ba hae ba tla kgoba hlooho ya hao; wena o tla ba loma serethe.”
Mattheu 4:1 - BIBELE Yaba Jesu o iswa ke Moya feelleng ho ya lekwa ke Diabolosi. Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Jesu o iswa ke Moya feelleng, ho lekwa ke Diabolose. Baasraak Sotho NT Yaba Jesu o iswa ke Moya feelleng ho lekwa ke Diabolosi. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Yaba Jesu o iswa ke Moya feelleng ho lekwa ke Diabolosi. |
Ke tla hlahisa bora pakeng tsa hao le mosadi, le pakeng tsa madinyane a hao le bana ba hae. Bana ba hae ba tla kgoba hlooho ya hao; wena o tla ba loma serethe.”
Etlare hanghang ha ke kgaohana le wena, moya wa Morena o o nkele moo ke sa tsebeng, mme ha ke fihla ke bolella Akabe hore o teng, feela a sa o fumane, ebe o a mpolaya, le hoja nna, mohlanka wa hao, ke hlomphile Morena ho tloha botjheng ba ka.
Ba re ho yena: “Bona mona, rona bahlanka ba hao re na le banna ba mashome a mahlano ba dinatla. Re a o rapela: Ako ba dumelle ba yo batla monga hao. Mohlomong Moya wa Modimo o ile wa mo nkela hodimo, wa ya mo lahlela hodima thaba e nngwe, kapa kahara kgohlo e nngwe.” Empa Elisha a re ho bona: “Le se ke la ba roma!”
Yaba Moya wa mphahamisa, o mphihlisa monyakong o ka botjhabela wa Tempele ya Morena, o tadimileng botjhabela. Hona moo monyako ho ne ho eme banna ba mashome a mabedi a metso e mehlano; hara bona ka bona Jaasaneya, mora wa Asure, le Pelatiya, mora wa Benaya, e leng baetapele ba setjhaba.
Ka pona e entsweng ke Moya wa Modimo, Moya wa mphahamisa, wa nkisa ho bathopuwa ba naheng ya Bakalatiya. Yaba pono eo ke e boneng e tloha ho nna,
Yaba Moya o nkukela hodimo, mme kamorao ho nna ka utlwa lentswe le phefa, le re: “Ho roriswe tlotla ya Morena leahong la hae!”
Jwale Moya wa mphahamisa, wa nkuka wa ya le nna, ka tsamaya ke utlwile bohloko, ke halefile, mme matla a tswang ho Morena a ntsukutla haholo.
Modimo a nkisa naheng ya Iseraele ka pono, a mpea hodima thaba e telelehadi, eo ka borwa ho yona ho neng ho ena le ho kang mehaho ya motse.
Jwale Moya wa mphahamisa, wa nkisa lebaleng le kahare, mme tlotla ya Morena ya tlala Tempele.
A otlolla ntho e kang letsoho, a ntshwara ka moriri. Moya wa mphahamisetsa pakeng tsa lehodimo le lefatshe, mme ka dipono tsa Modimo Moya oo wa mphihlisa Jerusalema, monyakong wa kgoro e kahare, o tadimileng leboya. Teng ho ne ho ena le setulo sa modingwana o bakang lefufa!
Ha ke sa tla bua tse ngata le lona, hobane mmusi wa lefatshe o a tla. Ha a na matla hodima ka,
Hoba ba nyolohe metsing Moya wa Morena wa nka Filipi, mme lehaole ha le a ka la hlola le mmona; la tswela pele leetong la lona le nyakaletse.