Yona e re: “A nke ke phatlalatse taelo ya Morena. “O itse ho nna: ‘O mora wa ka; kajeno ke o tswetse.
Mattheu 3:17 - BIBELE ha utlwahala lentswe le tswang mahodimong, le reng: “Enwa ke Mora wa ka eo ke mo ratang, ya nkgahlang!” Sesotho 1909/1961 (SO) Mme ha utlwahala lentswe le tswang mahodimong, le re: Enwa ke Mora wa ka ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena. Baasraak Sotho NT Jwale lentswe le tswang lehodimong, le re: Enwa ke Mora wa ka ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jwale lentswe le tswang lehodimong, le re: Enwa ke Mora wa ka ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena. |
Yona e re: “A nke ke phatlalatse taelo ya Morena. “O itse ho nna: ‘O mora wa ka; kajeno ke o tswetse.
“Bonang, Mohlanka wa ka eo ke mo kgethileng, ke eo, mokgethwa wa ka ya nkgahlang; ke theoletse Moya wa ka, ka o theolela hodima hae, o tla tlisetsa ditjhaba toka.
Ho kgahlile Morena ka baka la ho loka ha hae, hore Molao wa hae o be moholo, o tlotlehe.
Moprista o tla nyehela ka wona, le leng e be la nyehelo e tlosang sebe, le leng e be la nyehelo ya setjheso. Ka mokgwa o jwalo, moprista o tla etsetsa monna eo nyehelo ya telefelo ya sebe ka baka la ho qhitsa lero hoo ha hae.
“Bonang, mohlanka wa ka eo, ke mo kgethileng ke eo, moratuwa wa ka ya nkgahlang! Ke theoletse Moya wa ka hodima hae, o tla tlisetsa ditjhaba toka.
Yare a sa bua, leru le kganyang la ba kgurumetsa, lentswe la tswa lerung, la re: “Enwa ke Mora wa ka eo ke mo ratang, ya nkgahlang; mo mameleng.”
Leru la hlaha, la ba kgurumetsa, mme lentswe le tswang lerung la re: “Enwa ke Mora wa ka eo ke mo ratang, mo mameleng.”
mme Moya o Halalelang wa theohela hodima hae ka sebopeho se kang sa leeba; lentswe la tswa lehodimong, la re: “O Mora wa ka eo ke mo ratang, ya nkgahlang.”
Ntate o rata Mora, o mmontsha tsohle tseo a di etsang, mme o tla mmontsha mesebetsi e meholo ho feta ena, hore le tle le makale.
le Ntate ya nthomileng o mpaketse. Ha le eso ka le utlwa lentswe la hae, leha e le ho bona hore na o jwang,
e le hore re rorise mohau o tlotlehang wa hae, oo a re hauhetseng ka wona, ka Mora wa hae ya ratwang.
O ne a amohele hlompho le tlotla e tswang ho Modimo Ntate, ha lentswe le tswang boholong bo tlotlehang ba Modimo, le re: “Enwa ke Mora wa ke eo ke mo ratang, ya nkgahlang.”
Ha e le mona re amohela bopaki ba batho, bopaki ba Modimo bo matla ho feta, mme bopaki ba Modimo ke bona: o paketse Mora wa hae.
Ka utlwa modumo o tswang lehodimong, o kang modumo wa metsi a lewatle, o kang modumo o tshabehang wa letolo. Modumo oo ke ileng ka o utlwa e ne e ka wa baletsi ba diharepa, ba letsang diharepa tsa bona.