Mattheu 27:41 - BIBELE Ka mokgwa o jwalo le baprista ba baholo, le Ditsebi tsa Molao, le baholo ba mo soma, ba re: Sesotho 1909/1961 (SO) Ka mokgwa o jwalo, le bona baprista ba baholo ba mo soma, ba ena le bangodi le baholo, ba re: Baasraak Sotho NT Ka mokgwa o jwalo le baprista ba baholo ba mo soma, le Ditsebi tsa Molao le baholo, ba re: Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ka mokgwa o jwalo le baprista ba baholo ba mo soma, le Ditsebi tsa Molao le baholo, ba re: |
Bao ba thabelang bobe ho nna ba ke ba hlajwe ke dihlong, ba ferekane mmoho; bao ba iphahamisetsang nna ba ke ba aparelwe ke dihlong, ba tlontlolohe.
Ka baka leo, se iketseng basomi, esere mahlaahlela a imela matsoho a lona, hobane ke utlwile ha ho phatlalatswa timetso, e phatlalatswa ke Morena, Modimo wa mabotho, a re lefatshe lohle le tla timetswa.
Morena, Molopolli wa Iseraele, yena Ya Halalelang, o bua tjena ho mohlanka wa babusi, ho ya ileng a nyediswa, a nyonywa ke ditjhaba: “Kgosi di tla o bona, di eme ka maoto, mahosana le wona a tla o obamela, ka baka la Morena, yena ya tshepahalang, Ya Halalelang wa Iseraele, ya o kgethileng.”
Ka kgwedi e le nngwe ka bolaya badisa ba bararo, hobane ba ne ba ntenne, ba se ba ntlhoile.
ba re: “Wena ya qhaqhang Tempele, mme o e tsose ka matsatsi a mararo, ipholose he! Haeba o le Mora wa Modimo, theoha sefapanong!”
“O pholositse ba bang, empa yena o sitwa ho ipholosa; ke kgosi ya Iseraele, ha a ke a theohe sefapanong jwale, mme re tla dumela ho yena.
Jwale Jesu a re ho baprista ba baholo le balaodi ba Tempele ba tlileng ho mo tshwara: “Na ebe ke senokwane ha le tlile ka disabole le dikoto tjee?
Batho ba ne ba eme ba tadimile. Le babusi ba ne ba mo phoqa, ba re: “O pholositse ba bang; haeba e le Kreste, mokgethwa wa Modimo, a ipholose!”