Mattheu 27:14 - BIBELE Empa ha a a ka a mo araba leha e le polelong e le nngwe, hoo mmusisi a bileng a makala ka ho fetisisa. Sesotho 1909/1961 (SO) Empa ha a ka a araba lentswe leha le le leng; mmusisi a ba a makala haholo. Baasraak Sotho NT Mme a se ka a mo araba, a se ka a bua sepe; hoo mmusisi a ileng a makala haholo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mme a se ka a mo araba, a se ka a bua sepe; hoo mmusisi a ileng a makala haholo. |
Ke nna enwa le bana bao Morena a nneileng bona. Naheng ya Iseraele re dipontsho le ditshupo tse tswang ho Morena wa mabotho, ya ahileng Thabeng ya Sione.
“ ‘Oho, wena Joshua, Moprista e Moholo, wena le balekane ba hao ba dutseng kapele ho wena; lona bohle ba dupang tse molemo, mamelang mona: Ke tla romela mohlanka wa ka, e leng Lekala!
Empa Jesu a kgutsa. Moprista e Moholo a re ho yena: “Ke re o hlapanye ka Modimo ya phelang, o re bolelle hore na o Kreste, Mora Modimo.”
Yaba Pilato o re ho yena: “Na ha o utlwe bopaki bo bokaalekaale boo ba o qosang ka bona?”
A kena ka tlung ya bobusisi hape, a re ho Jesu: “O tswa kae?” Empa Jesu a se ke a mo araba.
Ke bona e ka rona baapostola, Modimo o re entse ba ho qetela, jwaloka ba ahloletsweng lefu. Re fetohile sebonwang-se-bonwa-ke-bohle ho lefatshe, ho mangeloi le ho batho.