Le tla hulelwa kapele ho babusi le mahosi ka baka la ka, hore e be bopaki ho bona le ho bahedene.
Mattheu 27:11 - BIBELE Jwale Jesu a emiswa pela mmusisi; mmusisi a mmotsa, a re: “Na o kgosi ya Bajuda?” Jesu a re: “Wena o rialo.” Sesotho 1909/1961 (SO) Haele Jesu, a ema pela mmusisi, mme mmusisi a mmotsa, a re: Na o morena wa Bajuda na? Jesu a re ho yena: O boletse teng. Baasraak Sotho NT Jesu a ema pela mmusisi; mmusisi a mmotsa, a re: Na o morena wa Bajuda na? Jesu a re ho yena: O rialo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jesu a ema pela mmusisi; mmusisi a mmotsa, a re: Na o morena wa Bajuda na? Jesu a re ho yena: O rialo. |
Le tla hulelwa kapele ho babusi le mahosi ka baka la ka, hore e be bopaki ho bona le ho bahedene.
Ho lekane ho morutuwa hore a be jwaloka moruti wa hae, le lekgoba jwaloka monga lona. Ha monga ntlo a bitswa Beele-Sebule, ba ntlo ya hae bona ba tla bitsollwa hampe hakaakang!”
ba re: “E kae kgosi ya Bajuda e tswetsweng? Re bone naledi ya yona ha e hlaha, mme re tlilo e kgumamela.”
Judase, e leng yena ya mo ekang, a bua, a re: “Na ke nna, Moruti?” A re ho yena: “O boletse teng!”
Jesu a re: “Wena o rialo. Empa ke a le bolella, ke re: “Ho tloha jwale le tla bona Mora Motho a dutse letsohong le letona la Ya Matla, mme a etla a le hodima maru a lehodimo.”
Jesu a re: “Ke yena; “mme le tla bona Mora Motho a dutse letsohong le letona la Ya Matla, mme a etla ka maru a lehodimo.”
Jwale bohle ba re: “Ha ho le jwalo, na o Mora wa Modimo?” Yena a re ho bona: “Le a bolela, ke yena.”
Mahlong a Modimo, yena ya phedisang tsohle, le mahlong a Kreste Jesu, ya ileng a etsa bopaki ba nnete kapele ho Pontiuse Pilato, ke o laela hore