Le se ke la tshaba ba bolayang mmele, empa ba ke ke ba bolaya moya; le mpe le tshabe ya nang le matla a ho timetsa moya le mmele diheleng.
Mattheu 26:74 - BIBELE Ya eba moo a qalang ho rohakana le ho hlapanya, a re: “Motho eo ha ke mo tsebe!” Hanghang mokoko wa lla. Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba o qala ho hlapanya, a ana, a re: Motho eo ha ke mo tsebe. Athe kapelepele mokoko wa lla. Baasraak Sotho NT Yaba o qala ho rohaka le ho hlapanya, a re: Motho eo ha ke mo tsebe. Mme hanghang mokoko wa lla. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Yaba o qala ho rohaka le ho hlapanya, a re: Motho eo ha ke mo tsebe. Mme hanghang mokoko wa lla. |
Le se ke la tshaba ba bolayang mmele, empa ba ke ke ba bolaya moya; le mpe le tshabe ya nang le matla a ho timetsa moya le mmele diheleng.
Jesu a re ho yena: “Kannete ke a o bolella hore bosiung bona, etlare mokoko o eso lle, o tla be o ntatotse hararo.”
Hamoraonyana, ba emeng moo ba tla ho Petrose, ba re: “Kannete le wena o e mong wa bona, hobane le puo ya hao e a o paka.”
Petrose a hopola polelo ya Jesu ha a itse ho yena: “Mokoko o eso lle, o tla be o ntatotse hararo.” A tswela kantle, a lla habohloko.
Jesu a re ho yena: “Kannete ke a o bolella hore kajeno, bosiung bona, etlare mokoko o eso lle habedi, o tla be o ntatotse hararo.”
A latola, a re: “Ha ke tsebe, ebile ha ke utlwisise seo o se bolelang!” Yaba o tswela kantle, o leba monyako, mme mokoko wa lla.
Empa Petrose a re: “Hela, monna, ha ke tsebe seo o se bolelang.” Hanghang, a sa bua, mokoko wa lla.
Ke ne nka lakatsa hore ke be ya rohakehileng, ya arohantsweng le Kreste, bakeng sa baheso, bao ke leng seng le bona ka tswalo.
A re ho mmae: “Ha o ne o utsweditswe tjhelete ya silefera e ka etsang boima ba dikilo tse leshome le metso e meraro o ne o nee ya utswitseng tjhelete eo thohako, moo ke ntseng ke utlwa. Bona he, silefera eo ke ena ho nna; ke nna ya neng a e nke.” Mmae a re: “Morena a ke a o hlohonolofatse, ngwanaka.”
Empa re ke re ra ba nea baradi ba rona hore ba ba nyale.” Bana ba Iseraele ba ne ba ile ba hlapanya, ba re: “Ya ka nyallanang le ba morabe wa Benjamine a rohakehe!”