Mattheu 26:49 - BIBELE A ba sa toba ho Jesu, a re: “E, Moruti!” Yaba o a mo aka. Sesotho 1909/1961 (SO) A phakisa a atamela Jesu, a re: Dumela Rabbi! Mme a mo aka. Baasraak Sotho NT A phakisa a tla ho Jesu, a re: Dumela, Rabi! mme a mo aka. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A phakisa a tla ho Jesu, a re: Dumela, Rabi! mme a mo aka. |
Joabe a re ho Amasa: “O ntse o phela, ngwaneso?” Joabe a mo tshwara ka ditedu, ka letsoho le letona, hore a mo ake.
“Empa lona le se ke la bitswa ‘Moruti,’ hobane le na le Moruti a le mong, mme bohle le bana ba motho.
Judase, e leng yena ya mo ekang, a bua, a re: “Na ke nna, Moruti?” A re ho yena: “O boletse teng!”
Ya ekang Jesu o ne a ba neile pontsho, a re: “Eo ke tla mo aka ke yena; le mo tshware.”
Samuele a nka lenaka la ole, a e tshela hloohong ya Saule, a mo aka, a re: “Morena o o tlotsa ka ole hore o be kgosi ya setjhaba sa hae. O tla busa setjhaba sa hae, e leng Baiseraele, mme o se namolele ho dira tsa sona tse se potapotileng. Hona e tla ba pontsho ya hore Morena o o tlotsitse ho ba kgosi ya setjhaba sa hae.