Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 20:9 - BIBELE

9 Joabe a re ho Amasa: “O ntse o phela, ngwaneso?” Joabe a mo tshwara ka ditedu, ka letsoho le letona, hore a mo ake.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Joabe a re ho Amasa: Ana o sa dutse ka kgotso na, ngwaneso? Joabe a ba a tshwara ditedu tsa Amasa ka letsoho le letona, a re o a mo aka;

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 20:9
14 Referencias Cruzadas  

Ha motho a itihela fatshe kapele ho yena, ho isa hlompho, o ne a ye a mo tshware ka letsoho, a mo emise, mme a mo ake.


Abosalome a bea Amasa ditulong tsa Joabe, hore e be molaodi wa mabotho. Amasa e ne e le mora wa monna wa Moishemaele, ya neng a bitswa Jitera. Mmae e ne e le Abikale, moradi wa Nahashe, e leng moena wa Seruya, mma Joabe.


Kgosi ya re: “Na mohlankana Abosalome a ntse a phela?” Ahimase a araba, a re: “Ka nako eo Joabe, mohlanka wa kgosi, a neng a roma nna, mohlanka wa hao, ke ile ka bona morusu o moholo, empa ha ke a ka ka tseba hore na ke wa eng.”


Hoba Abinere a fihle Heborone, Joabe a mo nkela kathokwana ho kgoro ya motse, yaka o ilo bua le yena ka lekunutu, yaba o mo phehletsa mpeng, a mmolaya ho phetetsa madi a Asaele, ngwanabo.


Morena o tla be a phetetsa madi ao ka hlooho ya hae, hobane o ne a bolaye banna ba babedi, ba lokileng, ba molemo ho mo feta. O ne a ba bolaye ka sabole, ntate, Davida, a sa tsebe letho. Banna bao ke Abinere, mora wa Nere, molaodi wa mabotho a Iseraele, le Amasa, mora wa Jetere, molaodi wa mabotho a Juda.


Molekane wa ka o futuhetse metswalle ya hae, o robile selekane sa hae.


Motho ya leme le monate a le pelo e mpe, o jwaloka pitsa ya letsopa e homilweng ka manya a silefera.


Ho batwa ke motswalle ho na le molemo, empa ho akwa ke sera ke thetso.


Ishemaele, mora wa Netaniya, le banna ba leshome, bao a neng a ena le bona ba raoha, ba hlatha Gedaleya, mora wa Ahikama, setloholo sa Shafane, ka sabole, ba bolaya ya neng a kgethilwe ke kgosi ya Babilona hore e be mmusi wa naha eo.


Ba hlomphang Modimo ha ba sa le yo lefatsheng, ha ho le ya mong ya etsang ho lokileng; bohle ba laletse ho tsholla madi, motho o tjhehile ngwanabo, o mo tjhehile ka letlowa.


Empa ha bana ba Iseraele ba ipiletsa ho Morena, Morena a ba hlahisetsa mopholosi. Ke Ehude, mora wa Gera wa Mobenjamine, monna ya leqele. Bana ba Iseraele ba mo roma ho isetsa Egelone, kgosi ya Moabe, nyehelo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos