Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




2 Samuele 20:10 - BIBELE

10 Empa Amasa a se ke a tsotella sabole e ka letsohong la Joabe. Joabe a mo hlaba ka yona mpeng, mala a petletsehela fatshe, mme Amasa a shwa Joabe a sa mo pheta le ho mo pheta. Jwale bo-Joabe le Abishai ngwanabo, ba phaladisa Sheba, mora wa Bikiri.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 athe Amasa ha a lemohe sabole e ka letsohong le leng la Joabe. Ka yona Joabe a mo hlaba mpeng, a horomeletsa mala a hae fatshe, a se ke a hlaba la bobedi; a shwela teng. Joabe le Abishai ngwanabo ba ntoo phallela Sheba, mora Bikri.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 20:10
13 Referencias Cruzadas  

Kaine a re ho Abele, moena hae: “A re ye naheng.” Jwale yare ha ba le naheng, Kaine a tsohela Abele moena hae matla, a mmolaya.


Ha Asaele a ntse a hana ho mo tlohela, Abinere a mo hlaba mpeng ka theko ya lerumo, mme lerumo la ba la ya hlaha kamorao, yaba o wela fatshe, o shwela hona moo. Bohle ba ileng ba fihla sebakeng seo, seo Asaele a shweletseng ho sona, ba ema tlekelele!


Joabe a re ho Amasa: “O ntse o phela, ngwaneso?” Joabe a mo tshwara ka ditedu, ka letsoho le letona, hore a mo ake.


Hoba Abinere a fihle Heborone, Joabe a mo nkela kathokwana ho kgoro ya motse, yaka o ilo bua le yena ka lekunutu, yaba o mo phehletsa mpeng, a mmolaya ho phetetsa madi a Asaele, ngwanabo.


Ba ne ba hlometse ka diqha, mme ha ba betsa majwe ka matjeketjane, kapa ba fula ka metsu, ba ne ba tseba ho sebedisa matsoho a matona kapa a matshehadi ka ho tshwana. E ne e le ba morabe wa Benjamine, e le bang ka Saule.


Ishemaele, mora wa Netaniya, le banna ba leshome, bao a neng a ena le bona ba raoha, ba hlatha Gedaleya, mora wa Ahikama, setloholo sa Shafane, ka sabole, ba bolaya ya neng a kgethilwe ke kgosi ya Babilona hore e be mmusi wa naha eo.


“ ‘Haeba a kgorohela motho ka baka la lehloyo feela, kapa a mmetsa ka ho hong, a mo laletse, eba eo o a shwa;


Empa ha bana ba Iseraele ba ipiletsa ho Morena, Morena a ba hlahisetsa mopholosi. Ke Ehude, mora wa Gera wa Mobenjamine, monna ya leqele. Bana ba Iseraele ba mo roma ho isetsa Egelone, kgosi ya Moabe, nyehelo.


Ehude a ntsha letsoho la leqele, a hula sabole e qholong ya letsoho la hae le letona, a mo phehlela ka yona mpeng.


Yaba Abishai o re ho Davida: “Kajeno Modimo o neelane ka sera sa hao matsohong a hao; ka baka lena, ke a o rapela: Ntumelle ke mo hlabelle fatshe ka lerumo hanngwe feela, mme a ke ke a hlola a kunya.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos