Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 20:8 - BIBELE

8 Eitse ha ba fihla lefikeng le leholo le Gibeone, Amasa a kgahlana le bona. Joabe o ne a apere seaparo sa bohlabani, se tlamilweng ka leqhama le nang le sabole. Sabole eo e ne e le ka selateng sa yona, e tlameletswe thekeng ho yena. Ha a ntse a tsamaya, sabole eo ya monyohela fatshe.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ba re ba sa fihla lefikeng le leholo le Gibeone, Amasa a teana le bona. Haele Joabe, o ne a ikgahlotse ka sabole hodima diaparo tseo a di apereng; e ne e le ka selateng sa yona, e tlamilwe thekeng la hae. Yare ha a tsamaya, ya tswa, ya wela fatshe.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 20:8
5 Referencias Cruzadas  

Jwale bo-Joabe, mora wa Seruya, le bahlabani ba Davida, le bona ba tloha Heborone, ba ya kopana le bao pela letshana la Gibeone. Ba dula fatshe; ba bang ka nqena ho letshana, ba bang ka nqane ho lona.


Ka mokgwa o jwalo Joabe le ngwanabo Abishai ba bolaya Abinere, hobane o ne a ile a bolaya ngwanabo bona Asaele, ha ba le ntweng Gibeone.


Johanne o ne a apara seaparo se entsweng ka boya ba kamele, a itlama ka leqhama la letlalo thekeng; dijo tsa hae e ne e le ditsie le mahe a dinotshi tsa naha.


Ehude o ne a iketseditse sabole e hlathang ka mahohle, bolelele ba yona e le disenthimethara tse mashome a mahlano. O ne a e tlama tlasa seaparo sa hae, hodima qholo ya letsoho la hae le letona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos