Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 20:7 - BIBELE

7 Bahlabani ba Joabe, le Bakerete, le Bapelete, le banna ba bahale, ba tswang Jerusalema, ba latela Abishai, mme ba phaladisa Sheba, mora wa Bikiri.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ha ho le jwalo, banna ba Joabe ba ya le yena, hammoho le Bakerethe le Bapelethe, le bahale bohle, ba tloha Jerusalema ho phallela Sheba, mora Bikri.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 20:7
9 Referencias Cruzadas  

Bahlanka bohle ba kgosi ba nna ba feta kathoko ho yona: E le Bakerete bohle, le Bapelete bohle, le banna ba makgolo a tsheletseng ba Bagate, ba neng ba sale kgosi morao ha e tloha Gate. Batho bana ba fetela kapele ho kgosi.


Joabe ya eba molaodi wa mabotho wohle a Iseraele. Benaya, mora wa Jehoyada, yena ya eba molaodi wa lebotho la Bakerete le Bapelete.


Joabe, mora wa Seruya, ya eba molaodi wa mabotho; Jehoshafate, mora wa Ahilode, yena ya eba mongodi wa diketsahalo.


Benaya, mora wa Jehoyada, o ne a laola Bakerete le Bapelete; bara ba Davida bona e le batlatsi.


kgosi ya re ho bona: “Tsamayang le bahlanka ba monga lona, le qhanehele mora wa ka, Solomone, mmeile wa ka, le theohele le yena Gihone.


Bo-moprista Sadoke, le moporofeta Nathane, le Benaya, mora wa Jehoyada, le Bakerete, le Bapelete, ba theoha, ba qhanehela Solomone mmeile wa kgosi Davida, ba mo isa Gihone.


Kgosi e ile ya laela bomoprista Sadoke, le moporofeta Nathane, le Benaya, mora wa Jehoyada, le Bakerete, le Bapelete, hore ba tsamaye le yena. Ba ile ba mo qhanehela mmeile wa kgosi.


Re ne re hlasetse naha ya Bakerete e ka borwa ho Juda, le naha e ka borwa ya morabe wa Kalebe, mme ra tjhesa Sikelage ka mollo.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos