La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mattheu 26:45 - BIBELE

Jwale a tla ho barutuwa, a re ho bona: “Na le sa ntse le robetse, le phomotse? Bonang, nako e atametse, mme Mora Motho o neelwa matsohong a baetsadibe.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Yaba o ya ho barutuwa ba hae, a re ho bona: Robalang jwale, le kgatholohe; bonang, nako e atametse, Mora motho o se a ya neelwa matsohong a baetsadibe.

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Jwale a tla ho barutuwa ba hae, a re ho bona: “Le sa ntse le robetse, mme le phomole;

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Jwale a tla ho barutuwa ba hae, a re ho bona: “Le sa ntse le robetse, mme le phomole;

Ver Capítulo



Mattheu 26:45
14 Referencias Cruzadas  

Hara mpa ya motsheare Elia a ba soma, a re: “Howeletsang haholo, hobane Baale ke modimo! Mohlomong o sa le boikgutsong, kapa o ilo ithoma, kapa o leetong, kapa mohlomong o robetse, mme eka kgona a tsoswe.”


Wena mohlankana, ithabise o sa le motjha, o nyakallele matsatsi a botjha ba hao; o latele thato ya pelo ya hao, o tsamaye ho ya ka tjhadimo ya hao; feela o tsebe Modimo o tla o ahlola, a o ahlolele ketso tsohle tsa hao.


A re: “Eyang motseng ho motho ya itseng, le re ho yena: ‘Moruti o re nako ya ka e haufi, ke tla jela Paseka ha hao mmoho le barutuwa ba ka.’ ”


“Le a tseba hore kamora matsatsi a mabedi e tla ba Paseka, mme Mora Motho o tla neelwa ho thakgiswa.”


A tloha hape, a ya rapela kgetlo la boraro, a pheta mantswe wona ane.


Tsohang, a re yeng; ya nkekang ke enwa, o se a atametse.”


A ya pejana, a itihela fatshe, a rapela hore, ha ho ka etsahala, motsotso oo o tle o mo fete.


Ke ne ke ntse ke ena le lona ka matsatsi wohle ka Tempeleng, ha le a ka la ntshwara! Empa nako ena ke ya lona le ya Matla a Lefifi.”


Jesu a ba araba, a re: “Nako e fihlile ya hore Mora Motho a tlotliswe.


“Jwale moya wa ka o ferekane. Ke tla reng? Na ke tla re: ‘Ntate, o mpholose nakong ena?’ Empa ke ka lebaka lena ke fihletsweng ke nako ena.


E ne e le pele ho mokete wa Paseka. Jesu o ne a tseba hore nako ya hae ya ho tloha lefatsheng lena, a eya ho Ntatae, e fihlile. O ne a ratile ba hae ba lefatsheng, mme a nna a ba rata ho isa qetellong.


Jesu a bua tsena, mme a lelaletsa mahlo lehodimong, a re: “Ntate, nako e fihlile; tlotlisa Mora wa hao, hore Mora a tle a o tlotlise,