Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 26:45 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

45 Jwale a tla ho barutuwa ba hae, a re ho bona: “Le sa ntse le robetse, mme le phomole;

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

45 Yaba o ya ho barutuwa ba hae, a re ho bona: Robalang jwale, le kgatholohe; bonang, nako e atametse, Mora motho o se a ya neelwa matsohong a baetsadibe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

45 Jwale a tla ho barutuwa, a re ho bona: “Na le sa ntse le robetse, le phomotse? Bonang, nako e atametse, mme Mora Motho o neelwa matsohong a baetsadibe.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

45 Jwale a tla ho barutuwa ba hae, a re ho bona: “Le sa ntse le robetse, mme le phomole;

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 26:45
14 Referencias Cruzadas  

A re: Eyang motseng ho monna e mong, le re ho yena: Moruti o re: Nako ya ka e atametse; ke tla keteka Paseka ha hao le barutuwa ba ka.


Le a tseba hore kamora matsatsi a mabedi ho tla ba le mokete wa Paseka, mme Mora Motho o tla neelwa ho thakgiswa sefapanong.


A ba tlohela, a boela a ikela, a rapela la boraro, a ntse a bua mantswe a tshwanang.


Emang, re tsamayeng; bonang, ya nkekang o atametse.


A tswela pele hanyane, a itihela fatshe, a rapela hore, ha ho ka etswa, hora eo e mo fete.


Ha ke ne ke ena le lona ka tsatsi le leng le le leng ka Tempeleng, ha le a ka la nkenya matsoho, empa ena ke nako ya lona, le matla a lefifi.


Jesu a ba araba, a re: Nako e tlile ya hore Mora motho a tlotliswe.


Jwale moya wa ka o tshwenyehile; mme ke tla reng? Ntate, mpholose nakong ena: empa ka lebaka lena ke tlile nakong ena.


Eitse ha Jesu a tsebile pele ho mokete wa Paseka, hore nako ya hae e tlile ya ho tloha lefatsheng lena, ho ya ho Ntate, a ratile ba hae ba lefatsheng, a ba rata ho isa qetellong.


Jesu a bua taba tseo, mme a lelaletsa mahlo a hae lehodimong, a re: Ntate, nako e tlile; tlotlisa Mora oa hao, hore Mora oa hao le eena a u tlotlise.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos