Mattheu 26:3 - BIBELE Jwale baprista ba baholo le setjhaba ba phuthehela ha Moprista e Moholo ya bitswang Kaiafa, Sesotho 1909/1961 (SO) Mohlang oo, baprista ba baholo, le bangodi, le baholo ba setjhaba, ba phuthehela lebaleng la moprista e moholo, ya bitswang Kaiafa. Baasraak Sotho NT Yaba baprista ba baholo, le Ditsebi tsa Molao, le baholo ba setjhaba ba phuthehela lebaleng la moprista e moholo, ya bitswang Kaiafa. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Yaba baprista ba baholo, le Ditsebi tsa Molao, le baholo ba setjhaba ba phuthehela lebaleng la moprista e moholo, ya bitswang Kaiafa. |
Empa ke ne ke tshwana le konyana e iswang moo e tla hlabelwa teng. Ke ne ke sa tsebe hore ba ntherile, ba re: “A re timetseng sefate le tholwana tsa sona; a re mo tloseng lefatsheng, fatsheng la ba phelang, hore bitso la hae le se hlole le sa hopolwa.”
Empa haeba le sa mmamele, le sa halaletse letsatsi la Sabatha, le kena ka dikgoro tsa motse wa Jerusalema le nkile thoto ka letsatsi la Sabatha, dikgorong tseo tsa Jerusalema ke tla besa mollo o ke keng wa tingwa, o tla tjhesa matlo a dikgosi tsa Jerusalema.’ ”
Petrose o ne a dutse kantle, lebaleng; lekgabunyane le leng la tla ho yena, la re: “Le wena o ne o ena le Jesu wa Galelea.”
Jwale bahlabani ba mmusisi ba isa Jesu tlung ya bobusisi, ba nto mmokellela lebotho lohle.
Petrose a mo latela a le sebakana ho ya fihla kahare ha Moprista e Moholo. A dula le balebedi mollong, a ikomosa.
Yare ha Petrose a ntse a le katlase, lebaleng, le leng la makgabunyane a Moprista e Moholo la fihla.
Yaba bahlabani ba isa Jesu kahare, lebaleng la ntlo ya bobusisi, mme ba bitsa lebotho lohle.
mehleng ya Baprista ba Baholo Hannase le Kaiafa, lentswe la Modimo la fihlela Johanne, mora Sakariya, a le lefeelleng.
Baprista ba baholo le Bafarisi ba ne ba laetse hore ha e mong a ka tseba moo a leng teng, a bolele, ba tle ba mo tshware.
Jwale Bajuda ba tloha ha Kaiafa, ba isa Jesu tlung ya bobusisi, e sa le kameso. Bona ha ba a ka ba kena ka tlung ya bobusisi, hore ba tle ba je Paseka ba sa silafala.