Gehasi a kena ka tlung, a ema kapele ho monga hae. Elisha a re ho yena: “O tswa kae Gehasi?” Gehasi a re: “Ha ho moo mohlanka wa hao a kileng a ya teng.”
Mattheu 26:25 - BIBELE Judase, e leng yena ya mo ekang, a bua, a re: “Na ke nna, Moruti?” A re ho yena: “O boletse teng!” Sesotho 1909/1961 (SO) Judase, e leng yena ya mo ekang, a araba, a re: Na ke nna, Rabbi? Jesu a re ho yena: O boletse teng. Baasraak Sotho NT Yaba Judase ya mo ekang, a araba, a re: Na ke nna, Rabbi? A re ho yena: O boletse. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Yaba Judase ya mo ekang, a araba, a re: Na ke nna, Rabbi? A re ho yena: O boletse. |
Gehasi a kena ka tlung, a ema kapele ho monga hae. Elisha a re ho yena: “O tswa kae Gehasi?” Gehasi a re: “Ha ho moo mohlanka wa hao a kileng a ya teng.”
“Mokgwa wa mosadi wa sefebe, ke mokgwa o tjena: O a ja, ebe o a itlhakola, o re: ‘Nna ha ke a etsa letho le kgopo.’
“Empa lona le se ke la bitswa ‘Moruti,’ hobane le na le Moruti a le mong, mme bohle le bana ba motho.
Yaba e mong wa ba leshome le metso e mmedi, ya bitswang Judase Isekariota o ya ho baprista ba baholo,
Jesu a re: “Wena o rialo. Empa ke a le bolella, ke re: “Ho tloha jwale le tla bona Mora Motho a dutse letsohong le letona la Ya Matla, mme a etla a le hodima maru a lehodimo.”
Jwale Jesu a emiswa pela mmusisi; mmusisi a mmotsa, a re: “Na o kgosi ya Bajuda?” Jesu a re: “Wena o rialo.”
Jwale bohle ba re: “Ha ho le jwalo, na o Mora wa Modimo?” Yena a re ho bona: “Le a bolela, ke yena.”
Yaba Pilato o re ho yena: “Ha ho le jwalo, na o fela o le kgosi?” Jesu a araba, a re: “Ke wena o reng ke kgosi. Seo ke se tswaletsweng, le seo ke se tletseng lefatsheng, ke hore ke pake nnete. Mang le mang eo e leng wa nnete o utlwa lentswe la ka.”