Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 26:26 - BIBELE

26 Yare ha ba ntse ba eja, Jesu a nka bohobe, a boka, a bo ngwatha, mme a bo nea barutuwa ba hae, a re: “Nkang le je; hona ke mmele wa ka.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Ba re ba sa ja, Jesu a nka bohobe, mme eitse hobane a boke, a bo ngwatha, a bo nea barutuwa ba hae, a re ho bona; Nkang, le je; hona ke mmele wa ka.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

26 Yare ba sa ntse ba eja, Jesu a nka bohobe, a boka, a bo ngwatha, a bo nea barutuwa ba hae, a re: Nkang, le je; sena ke mmele wa ka.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

26 Yare ba sa ntse ba eja, Jesu a nka bohobe, a boka, a bo ngwatha, a bo nea barutuwa ba hae, a re: Nkang, le je; sena ke mmele wa ka.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 26:26
16 Referencias Cruzadas  

Hoba a laele matshwele ho dula jwanng, a nka dinkgwa tseo tse hlano le ditlhapi tseo tse pedi, a lelalla lehodimong, a boka, a ngwatha dinkgwa, a di nea barutuwa, mme ba di abela matshwele.


A nka senwelo, a leboha, a nto ba nea sona, a re: “Nwelang ho sona bohle,


A nka dinkgwa tse hlano le ditlhapi tse pedi, a lelalla lehodimong, a boka, a ngwatha bohobe, a bo nea barutuwa ba hae, hore ba abele batho, le ditlhapi tse pedi a di arolela bohle.


A nka senwelo, a leboha, a re: “Se nkeng, mme le se sielane,


Eitse ha a le dijong le bona, a nka bohobe, a boka, a bo ngwatha, a ba nea bona.


Ka letsatsi le leng le le leng ba ba mmoho ka Tempeleng ba le maikutlo a le mang, ba kena ntlo ka nngwe ba ntse ba ngwatha bohobe; ba ja dijo ka thabo le ka pelo tse tshweu.


Yare ka tsatsi le qalang beke, ha re phuthehile ho ngwatha bohobe, Paulosi a buisana le ba phuthehileng. Kaha a ne a ikemiseditse ho tloha ka le hlahlamang, a bua ho fihlela e eba seroko.


Hape ba nwa seno sa moya se tshwanang, hobane ba ile ba enwa Lefikeng la moya le neng le ba latetse. Lefika leo ke Kreste.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos