“Mohlang oo Mmuso wa mahodimo o tla tshwana le barwetsana ba leshome, ba ileng ba nka mabone a bona, yaba ba tswa ho ya kgahlanyetsa monyadi.
Mattheu 25:7 - BIBELE “Yaba moo barwetsana bao bohle ba tsohang, ba lokisa mabone a bona. Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba barwetsana bao kaofela ba tsoha, ba lokisa dilampi tsa bona. Baasraak Sotho NT Yaba barwetsana bao bohle ba tsoha, ba lokisa mabone a bona. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Yaba barwetsana bao bohle ba tsoha, ba lokisa mabone a bona. |
“Mohlang oo Mmuso wa mahodimo o tla tshwana le barwetsana ba leshome, ba ileng ba nka mabone a bona, yaba ba tswa ho ya kgahlanyetsa monyadi.
“Jwale hara mpa bosiu ha hlajwa mokgosi o reng: ‘Monyadi ke eo! Tswang, le mo kgahlanyetse!’
Dithoto tsa re ho ba bohlale: ‘Re qhatsetseng ole ya lona, kahobane mabone a rona a a tima.’
Ka baka leo, baratuwa, ha le ntse le lebeletse tseo, etsang ka matla hore Modimo a le fumane le se na letheba leha e le sekodi, le ena le kgotso.
Fadimeha, mme o matlafatse se ntseng se o saletse, se eso ka se shwella ruri, hobane ha ke a ka ka fihlela mesebetsi ya hao e phethehile mahlong a Modimo wa ka.