Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 3:2 - BIBELE

2 Fadimeha, mme o matlafatse se ntseng se o saletse, se eso ka se shwella ruri, hobane ha ke a ka ka fihlela mesebetsi ya hao e phethehile mahlong a Modimo wa ka.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Lebela, mme o tiise ho sa setseng ho seng ho ya shwa; hobane ha ke a ka ka fihlela mesebetsi ya hao e phethehile pela Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

2 Fadimeha, mme o tiise tse setseng, tse seng di tla shwa; hobane ha ke eso fihlele mesebetsi ya hao e phethehile pela Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 Fadimeha, mme o tiise tse setseng, tse seng di tla shwa; hobane ha ke eso fihlele mesebetsi ya hao e phethehile pela Modimo.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 3:2
31 Referencias Cruzadas  

Ha Solomone a se a tsofetse, basadi bana ba hae ba mo kgelosa hore a sebeletse medimo e meng. Pelo ya hae ya se ke ya hlola e tshepahala ka ho tlala ho Morena Modimo wa hae, jwalokaha pelo ya Davida, ntatae, yona e ne e tshepahala.


Abiya a etsa dibe tsohle tseo ntatae a ileng a di etsa. A se ke a tshepahala ho Morena Modimo wa hae, jwalokaha ntataemoholo Davida, yena a ne a tshepahala.


Amasiya a kgahlisa Morena, feela e seng ka pelo ya hae yohle.


Empa polelo tsa ka di ne di tla le kgothatsa, ho bebenya melomo ha ka ho le bebolele tlokotsi.


Matlafatsang matsoho a fokolang, le tiise le mangwele a rerekelang;


Balebedi ba Iseraele ba foufetse, ha ba na tsebo, ke ntja tsa dimumu, ha di tsebe ho bohola, di a robala, di bothe, di ithatela boroko.


Ke tla pepesa mesebetsi ya lona, mesebetsi eo lona le reng e lokile; empa ha e ka ke ya le tswela molemo.


“Ke tla batla tse lahlehileng, ke phuthe tse kgelohileng, ke tlamise tse robehileng, ke matlafatse tse tsetang. Ha e le tse nonneng, tse matla, tsona ke tla di bolaya. Ke tla alosa mohlape wa ka ka toka.


TEKELE ke ho re: O beilwe sekaleng, mme o fumanwe o le bobebe.


Ke tla boela ke bea modisa e mong naheng ena. Yena ha a ka ke a tsotella tse lahlehileng, kapa a batla dikonyana, kapa a phekola tse robehileng, kapa a fepa tse phelang hantle. O tla itjella dinku tse nonneng, a ba kokone le dikgolana tsa tsona.


“Diketso tsa bona tsohle ba di etsa hore ba bonwe ke batho. Ba habolla mekotlana ya Mangolo a halalelang eo ba e rwetseng, ba lelefatsa ditjellane tsa dikobo tsa bona,


“Ha ho le jwalo fadimehang, kahobane ha le tsebe letsatsi leha e le hora.”


“Yaba moo barwetsana bao bohle ba tsohang, ba lokisa mabone a bona.


Hoba a hlole teng nako e itseng a tloha, a tsamaya hohle naheng ya Galatia le Firigia ka ho latelana, a ntse a matlafatsa barutuwa bohle.


Empa laela Joshua, o mo matlafatse, o be o mo kgothatse, hobane yena o tla tshela a eteletse setjhaba sena pele, mme a etse hore naha eo o tla e bona e be ya sona.’


Qetello ya dintho tsohle e atametse. Ebang le boitshwaro, mme le fadimehele ho rapela.


Ebang le boitshwaro, le fadimehe. Diabolosi, sera sa lona, o solla jwaloka tau e purumang, a ntse a batla eo a ka mo harolang.


“Bonang, ke tla jwaloka leshodu. Ho lehlohonolo ya fadimehang, ya sa hloboleng diaparo tsa hae, hore a tle a se ke a tsamaya a le feela, mme batho ba bona tse dihlong tsa hae.”


“Leha ho le jwalo, seo ke se nyatsang ho wena ke hore ha o sa nthata jwaloka pele.


“Ngolla moruti wa kereke e Saredeise, o re: “Tsena di bolelwa ke ya nang le meya e supileng ya Modimo, le dinaledi tse supileng, o re: Ke tseba mesebetsi ya hao, le hore o tumme ka hore o a phela, athe o shwele.


Hopola he, kamoo o ileng wa amohela seo o se utlwileng kateng; se boloke, mme o bake. Haeba o sa fadimehe, ke tla tla ho wena jwaloka leshodu, mme ha o ka ke wa tseba nako eo ke tla tla ho wena ka yona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos