“Yaba monga hae o a mmitsa, o re ho yena: ‘Mohlanka ya kgopo, ke o lebaletse molato wohle hobane o ile wa nthapela.
Mattheu 25:26 - BIBELE “Monga hae a mo araba, a re: ‘Mohlanka ya kgopo, ya botswa, o tsebile hore ke kotula moo ke sa kang ka jala, mme ke bokella moo ke sa kang ka olosa. Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba morena wa hae o mo araba, a re: Mohlanka ya lonya, ya sebodu, o ne o tseba hobane ke kotula moo ke sa kang ka jala teng, mme ke bokella moo ke sa kang ka hasa peo teng. Baasraak Sotho NT Mong wa hae a araba, a re ho yena: Mohlanka ya kgopo, ya botswa, o tsebile hobane ke kotula moo ke sa kang ka jala, mme ke bokella moo ke sa kang ka jala. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mong wa hae a araba, a re ho yena: Mohlanka ya kgopo, ya botswa, o tsebile hobane ke kotula moo ke sa kang ka jala, mme ke bokella moo ke sa kang ka jala. |
“Yaba monga hae o a mmitsa, o re ho yena: ‘Mohlanka ya kgopo, ke o lebaletse molato wohle hobane o ile wa nthapela.
Letshwelehadi la batho la ala diaparo tsa lona tseleng, mme ba bang ba lona ba rema makala difateng, ba a ala ka tseleng.
“Empa ya amohetseng talenta e le nngwe le yena a atamela, a re: ‘Monghadi, ke ile ka o tseba o le motho ya thata, ya kotulang moo a sa kang a jala, ya bokellang moo a sa kang a olosa;
ke ne ke tshaba, ka hona ka ya pata talenta ya hao mobung: Bona, seng sa hao e ntse e le sena!’
O ka be o ile wa isa tjhelete ya ka bankeng, etlere mohla ke kgutlang ke e amohele e se e ena le phaello.