Kgosi e kgahlwa ke mohlanka ya bohlale, athe ya hlabisang dihlong yena e a mo halefela.
Mattheu 25:23 - BIBELE “Monga hae a re ho yena: ‘Ke hantle, mohlanka ya kgabane, ya tshepahalang; o tshepahetse dinthong tse seng kae, ke tla o etsa modisa wa tse ngata. Kena, o thabe le monga hao!’ Sesotho 1909/1961 (SO) Morena wa hae a re ho yena: Ke hantle, mohlanka ya molemo, ya kgabane; o bile kgabane dinthong di se kae, jwale ke tla o bea hodima tse ngata; kena thabong ya morena wa hao. Baasraak Sotho NT Morena wa hae a re ho yena: O entse hantle, mohlanka ya molemo, ya tshepehang; o tshepehile dinthong tse seng kae, ke tla o bea hodima tse ngata: kena thabong ya morena wa hao. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Morena wa hae a re ho yena: O entse hantle, mohlanka ya molemo, ya tshepehang; o tshepehile dinthong tse seng kae, ke tla o bea hodima tse ngata: kena thabong ya morena wa hao. |
Kgosi e kgahlwa ke mohlanka ya bohlale, athe ya hlabisang dihlong yena e a mo halefela.
“Jwale ke ofe mohlanka ya tshepahalang, ya bohlale, eo monga hae a mmeileng ho laola ba lelapa la hae, hore a ba fepe ka nako e lokelang?
“Monga hae a re ho yena: ‘Ke hantle, mohlanka ya kgabane, ya tshepahalang; o tshepahetse dinthong tse seng kae, ke tla o etsa modisa wa tse ngata. Kena, o thabe le monga hao!’
Ya tshepahalang tabeng e nyenyane o tshepahala le ho e kgolo, mme ya sa tshepahaleng tabeng e nyenyane ha a tshepahale le ho e kgolo.