hobane jwalokaha lehadima le tsekema ho tloha botjhabela le be le yo fihla bophirimela, le ho tla ha Mora Motho ho tla ba jwalo.
Mattheu 24:44 - BIBELE Ka baka leo, le lona itokiseng, hobane Mora Motho o tla tla ka nako eo le sa e lebellang.” Sesotho 1909/1961 (SO) Le lona, itokiseng ke hona; hobane Mora motho o tla tla ka nako eo le sa e hopolang. Baasraak Sotho NT Ka baka leo, le lona le itokise, hobane Mora motho o tla tla ka nako eo le sa e nahaneng. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ka baka leo, le lona le itokise, hobane Mora motho o tla tla ka nako eo le sa e nahaneng. |
hobane jwalokaha lehadima le tsekema ho tloha botjhabela le be le yo fihla bophirimela, le ho tla ha Mora Motho ho tla ba jwalo.
Le a tseba hore hoja monga ntlo a tseba nako eo leshodu le tla tla ka yona bosiu, a ka be a ile a fadimeha, mme a se ke a dumela hore ntlo ya hae e thuuwe.
“Yare ba sa ilo ithekela, monyadi a fihla; ba itokisitseng ba kena le yena moketeng, mme ha kwalwa monyako.
Empa tsebang hona: Ha monga ntlo a ne a tsebile nako eo leshodu le tla tla ka yona, o ne a ke ke a dumela hore ntlo ya hae e thuuwe.
Fadimehang ke hona, le rapele ka dinako tsohle, hore le tle le be le matla a ho phonyoha tsena tsohle, tse seng di tla etsahala, le a ho ema pela Mora Motho.”
Bana beso, e mong a se ke a lla ka e mong, hore le tle le se ke la ahlolwa. Moahlodi ke eo o se a le monyako.
A re thabeng, re nyakalleng, mme re mo tlotlise, hobane ke letsatsi la mokete wa lenyalo la Konyana. Monyaduwa wa hae o itokisitse,