La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Mattheu 24:38 - BIBELE

Mehleng eo, e bileng pele ho morallo wa metsi, batho ba ne ba eja, ba enwa, ba nyala, ba nyadisa, ho fihlela letsatsing leo Nowe a neng a kene arekeng ka lona.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Hobane jwaloka mehleng e bileng teng pele ho morwallo wa metsi, ha batho ba ne ba eja, ba enwa, ba nyala, ba nyadisa, ha ba ha fihla tsatsi leo Nowe a keneng arekeng ka lona;

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Hobane jwaloka mehleng ya pele ho morwallo, ba ne ba eja, ba enwa, ba nyala, ba nyadisa, ho fihlela tsatsi leo Nowe a keneng arekeng ka lona,

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Hobane jwaloka mehleng ya pele ho morwallo, ba ne ba eja, ba enwa, ba nyala, ba nyadisa, ho fihlela tsatsi leo Nowe a keneng arekeng ka lona,

Ver Capítulo



Mattheu 24:38
16 Referencias Cruzadas  

bara ba Modimo ba bona hore baradi ba batho ba batle, mme ba inkela basadi kamoo ba ka kgahlwang kateng.


Morena a timetsa tsohle tse phelang lefatsheng: batho le makgomo, dihahabi le dinonyana tse fofang; tsohle tsa timetswa lefatsheng. Ha sala Nowe feela le bao a neng a ena le bona ka arekeng.


Yare metsi a morallo a eso fihle, Nowe a kena ka arekeng a ena le bara ba hae, le mosadi wa hae, le dingwetsi tsa hae.


hobane tsohong ya bafu batho ha ba nyalane, empa ba jwaloka mangeloi lehodimong.


mme ke tla re ka moyeng wa ka: Ke na le dijo tse ngata, tse bokeletsweng ka dilemo tse ngata; a nke ke phomole, ke je, ke nwe, ke keteke!’


Empa ha mohlanka eo a re ka pelong ya hae: ‘Monga ka o dieha ho fihla,’ ebe o qala ho otla bahlanka le makgabunyane, le ho ja, le ho nwa, le ho tahwa,


“Itlhokomeleng, esere mohlomong dipelo tsa lona tsa imelwa ke botlofa le botahwa, le matshwenyeho a bophelo bona, mme letsatsi lela la le tsometsa,